African Storybook
Menu
E arolelaneng ka ho lekana! (Colour-in)
Thelma Machoene Tshesane and Tseliso Masolane
Magriet Brink
Sesotho (South Africa)
Ke Moqebelo hoseng, ho a tjhese polasing. Disebo, Dimakatso le Thebe ba thusa Mme K tshingwaneng ya hae ya meroho. Bana ba sebetsa hoseng kaofela. Ba tswakella mmoitedi mmung. Ba hlahola ba be ba nosetse. Ba kotula tse butswitseng tseo di lokileng. Kajeno e mong le e mong wa bona o tla ya lapeng a tshwere distroberi, sepinashe le dihwete tse foreshe.
Mme K o dula a fa bana tse monate hobane ba mo thusa. Ka nako e nngwe ke kuku kapa tjhokolete kapa o ba rekela dipompompong tse telele tse shebahalang jwalo ka noha. Ka nako e nngwe o reka diapole, dipiere kapa dilamunu. Mme K o na le molao o le mong fela, "E arolelaneng ka ho lekana." Bana ba tseba hore ba tshwanetse ho arolelana tse monate ka ho lekana, hore ba fumana palo e lekanang.
Kajeno Mme K o bakile kuku e tjhitja ya distroberi ka easing e pinki le diberi tse tswang tshingwaneng ya hae. Bana ba dutse jwayeng ba emetše tse monate. "Nkang he!" Mme K a bososela. "Empa hopolang molao. E mong le e mong wa lona o tshwanetse ho fumana ka ho lekana. E arolelaneng ka ho lekana. Le se ke la lwana!"
Disebo ke yena wa pele wa ho arola kuku. O sebedisa thipa ho seha mola hodima easing. Ba bang ba a mo sheba. Ha a so sehe kuku. Ba bang ba tlameha ho dumellana pele ha tsela ya hae e le ya ho lekana. "Ke nahana hore ke sehe dikotwana tse pedi ho ya tlase tjena. Jwale re na le dingwatho tse tharo tsa ho lekana."
"Le kgale!" ho realo Dimakatso," e mahareng e kgolo haholo!" Thebe le yena a sisinya hlooho. Disebo a tsheha a be a kukela mahetla hodimo a bolella Thebe hore a leke.
"Tliswa Kwano! Nneheletse thipa, ke tla e seha. E bonolo haholo!" ha realo Thebe. Sa pele a kwala mola o entsweng ke Disebo hodima aesing mme a nyeka menwana ya hae.
Yaba o seha ha nngwe ho putla le ha nngwe ho ya tlase. "Bonang, ke itshehetse dingwatho tse tharo!"

"Ha se hantle!" Disebo le Thebe ba hweletsa mmoho.
"E arolelaneng ka ho lekana!" Dikotwana di tlameha ho lekana ka boholo le ka sebopeho," Thebe a tswela pele. "Hobaneng o sa leke Thebe, Tlhalentlhajana?" Dimakatso a mo phoqa. "Ke a bona o ka se kgone!"
"Ke lakatsa ekabe kuku e le sekwere kapa kgutlonne, ho ka be ho le bonolo!" ho realo Thebe a inahanne. "Kapa ha ne re le bane ho arolelana kuku e tjhitja ho ka be ho le bonolo," ho realo Disebo.
Jwalehe! Thebe a fihlelwa ke monahano. A bona betjhe e silibera e benyang ka pele ho lori ya ntatae e kgolo, e kgubedu. Ka diSontaha o thusa ntatae ho hlatswa lori le ho bentsha betjhe. "Ke e fumana! Ke e fumana! Ke a tseba ke tla e etsa jwang," Thebe a hweletsa.
Sa pele a sebedisa thipa ho kwala mela ya aesing e entsweng ke Dimakatso. Jwale o seha mela e mararo mo kukung. E shebahala jwaloka betjhe e leng loring ya ntatae, e dikotwana tse tharo tse lekanang.
"O tletse dimaka wena Thebe!" Dimakatso a realo ha monatjana. "O e kgone jwang?" ho botsa Disebo. Thebe a bososela. Ha jwale ke sephiri sa hae. Ha morao o tla bolella ntatae.
Ka nako eo ke ha Mme K a tswa ka tlung. O tshwere dikgalase tse tharo tsa senwamaphodi sa juse ya setroberi. "Bona Mme K! Thebe o fumana tsela ya ho seha kuku ka dikotwana tse tharo tse lekanang," ho realo Disebo. Mme K a re: "O sebeditse hantle, Thebe, dingwatho tse tharo tse lekanang! O arotse ka ho lekana. Ke motlotlo ka lona kaofela. Jwale, sehang kuku le nwe senwamaphodi sa lona sa juse. Ke nako ya ho ya lapeng. Ke tla le fa dipoleiti ho beha dikuku tsa lona."
Disebo o seha hodima mela ya Dimakatso ho etsa dingwatho tse tharo tse lekanang. BAKENG sa monyaka fela, bana ba phahella mengwatho hodima e meng ho bona hore na e a lekana ka boholo. Ee, e a lekana.
Ntata Thebe a fihla ho tla lata bana, mme Thebe a mo mathela ho ho kgahlanyetsa. Ha a kgone ho emela ho mmolella ka moo betjhe e mo loring ya hae e mo thusitseng ka ho rarolla bothata bo neng bo le qaka!
You are free to download, copy, translate or adapt this story and use the illustrations as long as you attribute in the following way:
E arolelaneng ka ho lekana! (Colour-in)
Author - Penelope Smith and Hamsa Venkatakrishnan
Translation - Thelma Machoene Tshesane and Tseliso Masolane
Illustration - Magriet Brink
Language - Sesotho (South Africa)
Level - Longer paragraphs
© African Storybook Initiative 2016
Creative Commons: Attribution 4.0
Source www.africanstorybook.org
Menu
  • Navigate

    Navigate through the story by swiping right or left or clicking when the cursors changes to an arrow on the right or the left edge of the screen.

    Tap or click on the centre of the page to see, or remove the menu bars at the top and the bottom of the screen. You can also use the ESC key.

    You can use the slider at the bottom as a way to move quickly through the story. On a mobile device tap on the slider before you drag the slider button.

    Click or tap to return to African Storybook.

  • Share
    If you have a Twitter or Facebook account, you can share this story on your page or a page you manage. You can also copy the web link (URL) for this story.
    • Twitter
    • Facebook
    • Url
  • Rate
    Other visitors rated this story

    Tell us how much you liked the story – drag the scroller to highlight one or more stars
    • Submit
  • Comment
    Read other people’s comments on the story, or add your own.
    • Enter your comment
    • Name
    • E-mail
    • Post
  • Translations and adaptations
    • Share it fair!
      English (Original)
    • Share it fair! (Colour-in)
      English (Adaptation)
    • Yabelana ngokulinganako
      isiNdebele (Translation)
    • Yehlukaniselanani ngobuqotho!
      isiZulu (Translation)
    • Mugabane muringanize!
      Kinyarwanda (Translation)
    • Gawanya sawa!
      Kiswahili (Translation)
    • Gawanya sawa! (Paka rangi)
      Kiswahili (Adaptation)
    • Kugabana Ekyenkani!
      Lusoga (Translation)
    • E arolelaneng ka ho lekana!
      Sesotho (South Africa) (Translation)
    • Kwabelana ngalokulinganako
      Siswati (Translation)
    • (Colour in) Kubalwa kwemakhabishi
      Siswati (Translation)
  • Download to read
    Landscape version
  • Download to print
    Portrait (booklet) version
  • Download EPUB