Dikatse tsa Selemeng
Maria Vaz
Marleen Visser and Wiehan de Jager
Sesotho (South Africa)


Selemeng o rata dikatse. Ho na le dikatse tse ngata ha habo.
Selemeng o na le katse e le nngwe e ntsho. Katse ena e ja nama e ngata.
Selemeng o na le katse e le nngwe e nonneng. Katse ena e ja tsohle.
Katse ya boraro e hlwella sefateng, mme e a tshwaseha.
Selemeng o palama sefateng. O tshwaseha le katse ya boraro hodima sefate.
Mme wa hae o lokela ho mo thusa le katse e tshwasehileng ho theohela fatshe.
Mme wa hae o lokela ho mo thusa le katse e tshwasehileng ho theohela fatshe.
Selemeng o na le katse tse pedi tse botswa. Di paqama kantle letsatsi ho pota.
Selemeng o na le dikatse tse tharo tse mafolofolo. Di tsoma ditweba ka phaposing ya ho phehela bosiu kaofela.
Selemeng o na le ntja e le nngwe. Lebitso la yona ke Putswa. Putswa ha a na metswalle, mme o hlorile.
Dikatse tsa Selemeng ha di rate Putswa. Di mo lelekisetsa kantle. Putswa a baleha.
Selemeng o fumana Putswa mme o mo kgutlisetsa hae.
Dikatse ha di a thaba ke hoo. Ha di batle ho bona Putswa hape.
Dikatse ha di a thaba ke hoo. Ha di batle ho bona Putswa hape.
Selemeng ona le katse tse kae? O na le dikatse tse robedi.
Selemeng o na le dintja tse kae? O na le ntja e le nngwe. Putswa o ho kae jwale?
Wena o na le dikatse tse kae hae? Dintja tsona di kae?
You are free to download, copy, translate or adapt this story and use the illustrations as long as you attribute in the following way:
Dikatse tsa Selemeng
Author - Khothatso Ranoosi and Marion Drew
Translation - Maria Vaz
Illustration - Marleen Visser and Wiehan de Jager
Language - Sesotho (South Africa)
Level - First sentences
Translation - Maria Vaz
Illustration - Marleen Visser and Wiehan de Jager
Language - Sesotho (South Africa)
Level - First sentences
© African Storybook Initiative 2015
Creative Commons: Attribution 4.0
Source www.africanstorybook.org
Original source http://paleng.weebly.com/.
Creative Commons: Attribution 4.0
Source www.africanstorybook.org
Original source http://paleng.weebly.com/.

