African Storybook
Menu
Ho bala dikhabetjhe
Thelma Machoene Tshesane and Tseliso Masolane
Magriet Brink
Sesotho (South Africa)
Mme K esale a buna dikhabetjhe beke kaofela. Hoseng ho hong le ho hong ka Moqebelo, Disebo, Dimakatso le Thebe ba thusa Mme K tshingwaneng ya hae ya meroho. Kajeno bana ba thusa ka ho bala le ho pakella dikhabetjhe. Ka mora moo Ntate K o tla nka mabokose a dikhabetjhe ho ya rekisa mmarakeng.
Thekisi e theola bana hekeng ya tshingwana. Ba bona thothobolo ya dikhabetjhe tse behilweng haufi le lori ya kgale ya Ntate K. "Jo! Dikhabetjhe tse ngata tje!" ho realo Disebo a e supa. Dimakatso a tsheha a re: "Ho tshwanetse e be e le dikhabetjhe tse sekete moo!" Disebo a hana a re: "Le kgale! Mohlomong e ka ba tse makgolo a mabedi ha ho thwe di ngata!"
Mme K, o ba emetse hekeng. A dumedisa bana a re: "Dumelang, ke thabetse ho le bona! Jwale he, ha re keneng mosebetsing. Le tla lokela ho bala dikhabetjhe mme le di kenye ka mabokoseng. Dikhabetjhe tse 12 lebokose ka leng. Ke na le mabokose a 20. Lona ba babedi, e mong le e mong wa lona a ka paka mabokose a 7 mme a le mong a ka paka mabokose a 6."
Bana ba eme ho potoloha thothobolo ya dikhabetjhe. Ba bua ka ditsela tse
fapaneng tsa ho bala dikhabetjhe. "Ke nahana hore nna nka bala tsa ka ka bobedi ka bobedi (2s)," ho realo Disebo. "Ke rata ho bala ka bone ka bone (4s), e potlakile," ho realo Dimakatso. "Nna ke tlo bala ka boraro ka boraro (3s), hore fela ke fapane le lona!" Thebe a ba kena hanong.
Hang ke ha bana ba se ba tlatsitse mabokose a 20. "Mosebetsi o motle!" ha rialo Mme K. "Bonang, ho na le dikhabetjhe tse ding tse setseng. Dikolobe tsa ka di rata khabetjhe, ka hoo le tsona ha re di aroleleng," a sisinya jwalo. Le pakelletse dikhabetjhe tse kae ka hara mabokose? Ho setse dikhabetjhe tse kae?" a botsa bana.
Mosebetsi o latelang ke ho ngola theko lebokoseng ka leng le ho thusa Ntate K, ho palamisa mabokose loring ya hae. Ba tlameha ho beha halofo ya mabokose ka lehlakoreng le leng la lori le halofo e nngwe ka lehlakoreng le leng, ho lekalekanya morwalo.
"Re se re tla qeta!" ho realo Ntate K. "Ha re boneng, re ka beha mabokose a makae lehlakoreng ka leng ho tsepamisa boima?"
Hang mabokose ohle a 20 a palamisitswe loring. Ntate K o futhumatsa koloi mme o kganna ho ya mmarakeng. "Ha nka rekisa mabokose ohle," a nahana a le mong, "Ke tla ba le tjhelete e lekaneng ho lokisa hoko ya dikolobe le ho fumanela bana se tla ba makatsa!"
Kwana polasing, Mme K le bana ba nosetsa dimela le ho haraka matlakala. Ka hora ya leshome le metso e mmedi ke ha ba kgathetse kaofela. Mme K a ba bolella a re, "Ke nako ya tse monate tsa lona. Na le ka nahana hore ke le tshwaretse eng kajeno?"
A ya ka tlung ho ya lata semaka sa bona. Bana ba mo emela ka mamello ho kgutla ha ba ntse ba nahana hore na o tla tla a ba tshwaretse eng. Ha a kgutla ke ha dipotla tsa feresekote ya hae di budulohile!
Ha re boneng hore na le nahanne ka nepo na! Ke le tshwaretse eng kajeno?" Mama K a menonela dipotla tsa feresekote ya hae mme thothobolo ya diapole ya wela tafoleng. "Le a bona, ke ne ke nepile," Dimakatso a hweletsa. Mama K a bolella bana a re: "Jwale, hopolang molao. Di arolelaneng ka ho lekana! Ho se be le ya fumanang ho feta ba bang kapa tlasa ba bang!"
Pele bana ba bala diapole ka bobedi-ka-bobedi (2s). Ba bala 2, 4, 6, 8, 10, 12, 14, 16. Ho na le apole e le nngwe e setseng. Diapole kaofela di 17 (leshome le metso e supileng).
Se latelang, ba arolelana diapole ka ho lekana. Ho ile ha sala diapole tse pedi. Bana ba kenya diapole tsa bona ka mekotleng ya bona ho isa lapeng. Ngwana ka mong o fumana bokae?
"Ha re seheng diapole tse pedi hore re di arolelane," ha sisinya Thebe. "Ke dikarolo tse kae tsa apole tseo e mong le e mong wa rona a tla di fumanang?" ha botsa Dimakatso. "Ke tseba karabo!" ha bososela Thebe.
Ka nako eo, Ntate K ke ha a fihla lapeng ho tswa mmarakeng. Lori e ne e se na letho mme Ntate K a bososela. "Ke rekisitse dikhabetjhe kaofela. Jwale nka lokisa hoko ya dikolobe le ho le rekela bolo eo esaleng le e batla." "Heee!" Bana ha hweletsa.
You are free to download, copy, translate or adapt this story and use the illustrations as long as you attribute in the following way:
Ho bala dikhabetjhe
Author - Penelope Smith
Translation - Thelma Machoene Tshesane and Tseliso Masolane
Illustration - Magriet Brink
Language - Sesotho (South Africa)
Level - Longer paragraphs
© African Storybook Initiative 2016
Creative Commons: Attribution 4.0
Source www.africanstorybook.org
Menu
  • Navigate

    Navigate through the story by swiping right or left or clicking when the cursors changes to an arrow on the right or the left edge of the screen.

    Tap or click on the centre of the page to see, or remove the menu bars at the top and the bottom of the screen. You can also use the ESC key.

    You can use the slider at the bottom as a way to move quickly through the story. On a mobile device tap on the slider before you drag the slider button.

    Click or tap to return to African Storybook.

  • Share
    If you have a Twitter or Facebook account, you can share this story on your page or a page you manage. You can also copy the web link (URL) for this story.
    • Twitter
    • Facebook
    • Url
  • Rate
    Other visitors rated this story

    Tell us how much you liked the story – drag the scroller to highlight one or more stars
    • Submit
  • Comment
    Read other people’s comments on the story, or add your own.
    • Enter your comment
    • Name
    • E-mail
    • Post
  • Translations and adaptations
    • Ons tel koolkoppe
      Afrikaans (Translation)
    • Ons tel koolkoppe (Colour-in)
      Afrikaans (Translation)
    • Kuwelenga Kabici
      CiNyanja (Translation)
    • Counting cabbages
      English (Original)
    • Counting cabbages (Colour-in)
      English (Adaptation)
    • Picture story 17
      English (Adaptation)
    • Compter les choux (à colorier)
      French (Translation)
    • Ukupeenda bakabici
      IciBemba (Translation)
    • Ukubala amakhabitjhi
      isiNdebele (Translation)
    • Mangaphi amakhaphetshu?
      isiXhosa (Translation)
    • Siyakwazi ukubala
      isiZulu (Translation)
    • Sibala amaKhabishi (Faka imibala)
      isiZulu (Translation)
    • Dagǝl-la kamu baramabe-a
      Kanuri (Translation)
    • Kubara amashu
      Kinyarwanda (Translation)
    • Kuhesabu Kabichi
      Kiswahili (Translation)
    • Kuhesabu kabichi (Paka rangi)
      Kiswahili (Adaptation)
    • Okubala emboga
      Luganda (Translation)
    • Okubala Kapiki (Colour-in)
      Lusoga (Translation)
    • Kut̯ala Kaḅeji
      Pokomo (Translation)
    • Kubala Imboga
      Rufumbira (Translation)
    • Go bala dikhabetšhe
      Sepedi (Translation)
    • Go bala dikhabetšhe
      Setswana (Translation)
    • Kubalwa kwemakhabishi
      Siswati (Translation)
    • Vha vhala khavhishi
      Tshivenḓa (Translation)
    • Ku hlayela tikhavichi
      Xitsonga (Translation)
    • Ku hlayela tikhavichi
      Xitsonga (Translation)
  • Download to read
    Landscape version
  • Download to print
    Portrait (booklet) version
  • Download EPUB