African Storybook
Menu
Magozwe
Tseliso Masolane
Wiehan de Jager
Sesotho (South Africa)
Toropong e phetheselang ya Nairobi, hole le bophelo ba tsotello ba hae, ho ne ho dula bashanyana ba  se nang mahae. Ba ne ba amohela letsatsi ka leng  ka moo le neng le tla kateng. Hoseng ho hong, bashanyana ba ne ba pakela dimmata tsa bona ka mora ho robala dipheivementeng tse batang. Ho iphuthumatsa, ba ne ba besa mollo ka matlakala. Hara sehlopha sa bashanyana ho ne ho le ya bitswang Magozwe. E ne e le yena e monyenyane ho ba feta.
Ha batswadi ba Magozwe ba hlokahala, o ne a le dilemo di hlano feela. O ile a ya dula le malomae. Monna enwa o ne a sa kgathalle ngwana. O ne a sa fe Magozwe dijo tse lekaneng. O ne a sebedisa moshanyana enwa ka thata.
Ha Magozwe a ne a ipelaetsa kapa a botsa potso, malomae o ne a mo shapa. Ha Magozwe a ne a botsa hore na a ka ya sekolong, malomae o ne a mo shapa mme a re, "O sethoto haholo hore o ka ithuta eng kapa eng." Ka mora dilemo tse tharo tsa tshwaro ena Magozwe o ile a baleha ha malomae. O ile a qala ho phela seterateng.
Bophelo ba seterateng  bo ne bo le  thata mme boholo ba bashanyana ba ne ba sokola letsatsi ka leng ho fumana dijo. Ka nako tse ding ba ne ba tshwarwa, ka nako tse ding ba shatjwa. Ha ba ne ba kula, ho ne ho se ya ba thusang. Sehlopha se ne se phela ka tjheletenyana eo se neng se fuwa ka ho kopa, le ka ho rekisa dipolasitiki le dintho tse ding tse sebediswang hape. Bophelo bo ne bo le thata haholo ka baka la dintwa tsa dihlopha tse lwantshanang tse neng di batla taolo dikarolong tse ding tsa toropo.
Tsatsi le leng Magozwe o ne a ntse a sheba ka hara meqomo ya matlakala, ha a tla fumana buka ya dipale e marantha. O ile a tlosa ditshila ho yona mme a e Kenya ka mokotlaneng wa hae. Tsatsi ka leng ka mora moo, o ne a e ntsha a sheba ditshwantsho. O ne a sa tsebe ho bala mantswe.
Ditshwantsho di ne di pheta pale ya moshanyana ya ileng a hola ho ba mokganni wa sefofane. Magozwe o ne a dula a lora le motsheare ka ho ba mokganni wa sefofane. Ka nako tse ding o ne a ipona e le yena moshanyana wa paleng.
Ho ne ho bata mme Magozwe a eme ka thoko le tsela a ntse a kopa. Monna a tla ho yena. "Dumela, ke nna Thomas. Kesebetsa haufi le mona, sebakeng seo o ka fumanang seo o ka se jang," ha rialo monna eo. A supa ntlo e tshehla ka marulelo a bolou. "Ke tshepa hore o tla ya moo ho ya fumana dijo?" A botsa. Magozwe a sheba monna, a ba a sheba ntlo. "Mohlomong," a rialo, a bile a tsamaya.
Ka mora dikgwedi tse ileng tsa latela, bashanyana ba hlokang mahae ba tlwaela ho bona Thomas moo. O ne a rata ho bua le batho, haholoholo batho ba phelang diterateng. Thomas o ne a mamela dipale tsa maphelo a batho ba bang. O ne a tiile ebile a na le mamello, a se tala kapa ho hloka tlhompho. Ba bang ba bashanyana ba ile ba qala ho ya ntlong e tshehla le bobolou ho ya fumana dijo motsheare.
Magozwe o ne a dutse pheivementeng a shebile buka ya hae ya ditshwantsho ha Thomas a fihla a dula pela hae. "Pale e bua ka eng?" ha botsa Thomas. "Ke ka moshanyana ya bang mokganni wa sefofane," ha araba Magozwe. "Lebitso la moshanyana ke mang?" ha botsa Thomas. "Ha ke tsebe, ha ke tsebe ho bala," ha rialo Magozwe a buela tlase.
Ha ba kopana, Magozwe o ile a qala a phetela Thomas pale ya hae. E ne e le pale ya malomae le hore na hobaneng a ile a baleha. Thomas ha a ka a bua haholo, mme ha a ka a bolella Magozwe seo a lokelang ho se etsa, empa o ne a mamela ka hloko ka dinako tsohle. Ka nako tse ding ba ne ba bua ha ba ntse ba ja ntlong e la ya marulelo a bolou.
Nakong ya letsatsi la tswalo la dilemo tse leshome tsa Magozwe, Thomas o ile a mo fa buka e ntjha ya dipale E ne e le pale ya moshanyana wa mahaeng ya ileng a hola ho ba sebapadi sa bolo ya maoto se tummeng. Thomas o ile a balla Magozwe pale eo makgetlo a mangata, ho fihlela tsatsi le leng a re, "Ke nahana hore ke nako ya hore ke ye sekolong ke ilo ithuta ho bala. O nahana jwang?" Thomas a hlalosa hore o tseba sebaka seo bana ba ka dulang ho sona ba kgona ho ya sekolong.
Magozwe a nahana ka sebaka sena se setjha le ka ho ya sekolong. Ha e ka ba malomae o ne a nepile ha a re o sethoto haholo ho ka ithuta eng kapa eng? Ha e be ba tla mo shapa sebakeng se se setjha? O ne a tshaba. "Mohlomong ho betere ho itulela seterateng," a nahana jwalo.
O ile a arolela Thomas tshabo ena ya hae. Ka mora nako monna eo a tiisetsa moshanyana hore bophelo bo ka ba betere sebakeng se setjha.
Yaba Magozwe o ya dula phaposing ya ntlo e marulelo a matala. A arolelana phaposi le le bashanyana ba bang ba babedi. Kaofela ha bona e ne e le bana ba leshome ba dulang ntlong eo. Hammoho le rakgadi Cissy le mohatsa wa hae, dintja tse tharo, katse, le podi e tsofetseng.
Magozwe a qala hoy a sekolong mme ho ne ho le thata. O ne a lokela ho ithuta haholo ho ba maemong a ba bang. Ka nako tse ding o ne a batla ho inehela. Empa a nahana ka mokganni wa sefofane le sebapadi sa bolo ka hara dibuka tsa dipale. Jwaloka bona, ha a ka a inehela.
Magozwe o ne a dutse ka jareteng ntlong e marulelo a matala, a ntse a bala buka ya dipale. Thomas o ile a tla ho tla dula pela hae. "Pale e bua ka eng?" ho botsa Thomas. "Ke ka moshanyana ya bang mosuwe," ha araba Magozwe. "Lebitso la moshanyana ke mang?" ha botsa Thomas. "Lebitso la hae ke Magozwe," ha rialo Magozwe ka pososelo.
You are free to download, copy, translate or adapt this story and use the illustrations as long as you attribute in the following way:
Magozwe
Author - Lesley Koyi
Translation - Tseliso Masolane
Illustration - Wiehan de Jager
Language - Sesotho (South Africa)
Level - Read aloud
© African Storybook Initiative 2015
Creative Commons: Attribution 4.0
Source www.africanstorybook.org
Menu
  • Navigate

    Navigate through the story by swiping right or left or clicking when the cursors changes to an arrow on the right or the left edge of the screen.

    Tap or click on the centre of the page to see, or remove the menu bars at the top and the bottom of the screen. You can also use the ESC key.

    You can use the slider at the bottom as a way to move quickly through the story. On a mobile device tap on the slider before you drag the slider button.

    Click or tap to return to African Storybook.

  • Share
    If you have a Twitter or Facebook account, you can share this story on your page or a page you manage. You can also copy the web link (URL) for this story.
    • Twitter
    • Facebook
    • Url
  • Rate
    Other visitors rated this story

    Tell us how much you liked the story – drag the scroller to highlight one or more stars
    • Submit
  • Comment
    Read other people’s comments on the story, or add your own.
    • Enter your comment
    • Name
    • E-mail
    • Post
  • Translations and adaptations
    • Magozwe
      Afrikaans (Translation)
    • Magozwe
      Akuapem Twi (Translation)
    • ماقزوي
      Arabic (Translation)
    • Magozwe
      Asante Twi (Translation)
    • Magozwe
      ChiTonga (Translation)
    • Magozwe
      CiNyanja (Translation)
    • Magozwe
      Dagaare (Translation)
    • Magozwe
      Dagbani/Dagbanli (Translation)
    • Mokasa
      Dangme (Translation)
    • Magozwe
      English (Original)
    • Magozwe (Colour-in)
      English (Adaptation)
    • Magozwe
      Ewe (Translation)
    • Magozwe
      Fante (Translation)
    • Magozwe
      French (Translation)
    • Ankamafio
      Ga (Translation)
    • Magozwe
      Gonja (Translation)
    • Magozwe
      IciBemba (Translation)
    • UMagozwe
      isiNdebele (Translation)
    • UMagozwe
      isiXhosa (Translation)
    • Mhlaba ngiyakuhlonipha
      isiZulu (Translation)
    • Magozwe
      Kasem (Translation)
    • Magorwa
      Kinyarwanda (Translation)
    • Magozwe
      Kiswahili (Translation)
    • Magozwe
      Kiswahili (Adaptation)
    • Magozwe apata makao mapya
      Kiswahili (Adaptation)
    • Magozwe
      Mampruli (Translation)
    • Magozwe
      Nzema (Translation)
    • Magozwe
      Portuguese (Translation)
    • Magozwe
      Sepedi (Translation)
    • Magozwe
      Setswana (Translation)
    • Magozwe
      SiLozi (Translation)
    • Wonkhe umuntfu uneliphupho
      Siswati (Translation)
    • Magozwe
      Talen (Translation)
    • Magozwe
      Tshivenḓa (Translation)
    • Mahewu
      Xitsonga (Translation)
  • Download to read
    Landscape version
  • Download to print
    Portrait (booklet) version
  • Download EPUB