Khomo e lenaka le leng
Khothatso Ranoosi
Marion Drew

"Heee!" Ho na le khomo e ntle heso.

1

E na le lenaka le le leng, feela ha e na mohatla.

2

E nonne, e mpa e kholo.

3

Ke khomo e matla haholo.

4

Molisana o rata khomo ena haholo hofeta tse ling.

O rutile khomo ena ho mamela lentsoe la hae feela.

5

Ha likhomo tse ling li fula naheng, ena eona e fula e le 'ngoe.

6

Khomo ena e loana haholo.

Likhomo tse ling li khaohana le eona.

7

Batho bane ba e tseba, hape ba e tšaba.

E ne ba hlaba ka lenaka leo la eona le le leng.

8

Ha u ne u ka kopana le khomo e joalo, u ne u ka etsang?

9
You are free to download, copy, translate or adapt this story and use the illustrations as long as you attribute in the following way:
Khomo e lenaka le leng
Author - Khothatso Ranoosi
Illustration - Marion Drew
Language - Sesotho (Lesotho)
Level - First sentences