Mosuoetsana Lineo
Lawrence A. Konjuro
Vusi Malindi

Enoa ke mosuoetsana oa ka.

Lebitso la hae ke Mosuoetsana Lineo.

O re rata haholo.

1

Mosuoetsana Lineo o re ruta alfabete.

O re ruta liluma-nosi.

Ke khona ho bitsa litlhaku a, e, i, o, u.

2

Mosuoetsana Lineo o re ruta mebala.

Ke tseba khubelu, putsoa, tala, ts'ehla le nts'o.

3

Ka nako ea ho robala, Mosuoetsana Lineo o oa re koietsa.

O re binela lipina tse koietsang.

4

Pina e koietsang e binoa tjena:

Boroko ba khauta bo fa mahlo a lona pososelo.
Pososelo e le emetse ha le tsoha.

Robalang baratuoa ba batle, le se ke la lla.
Ke tla le binela pina e monate e koietsang.

5

Mosuoetsana Lineo o tseba lipale tse ngata.

O re phetela pale e fapaneng letsatsi ka leng la beke.

6

Ka 'Mantaha, o re phetela lipale tsa banna ba bahale.

7

Ka Labobeli, o re phetela lipale tsa basali ba bahale.

8

Ka Laboraro, o re phetela lipale ka mefuta ea lipalangoang.

9

Ka Labone o re phetela lipale ka temo.

10

'Me ka Labohlano, re phetela barutuoa ba bang lipale tsa rona.

11

Mosuoetsana oa rona ke mosuoetsana ea hloahloa ka ho fetisisa lefats'eng!

Ha ke hola, ke batla ho ts'oana le Mosuoetsana Lineo.

12
You are free to download, copy, translate or adapt this story and use the illustrations as long as you attribute in the following way:
Mosuoetsana Lineo
Author - Lawrence A. Konjuro
Translation - Lineo Nkabane-Sekopo
Illustration - Vusi Malindi
Language - Sesotho (Lesotho)
Level - First paragraphs