Bokooa hase ho hloleha
Agnes Mabururu
Wiehan de Jager

Enoa ke Palesa.

Ke tichere ea ka.

1

Palesa o sebelisa lithupa ho tsamaea.

2

Enoa ke Thapelo.

Ke seboholi se bapalang 'mino seea-le-moeeng seo ke se ratang haholo.

3

Thapelo o na le mathata a mahlo.

4

Enoa ke Selemeng.

Ke moahisane oa ka. Selemeng ke sehoai.

5

Selemeng ha utloe ka litsebeng.

O sebelisa puo ea matsoho ha a buoa.

6

Enoa ke Sechaba.

Ke sebapali sa bolo ea maoto se hloahloa sekolong sa ka.

7

Sechaba ha a na matsoho.

Empa o hlabela sehlopha sa rona lintlha tse ngata!

8
You are free to download, copy, translate or adapt this story and use the illustrations as long as you attribute in the following way:
Bokooa hase ho hloleha
Author - Agnes Mabururu
Translation - Khothatso Ranoosi, Marion Drew
Illustration - Wiehan de Jager
Language - Sesotho (Lesotho)
Level - First sentences