Khoho le Lefokololi
Winny Asara
Magriet Brink

Khoho le Lefokololi e ne e le metsoalle. Empa ba ne
ba lula ba hlolisana.

Tsatsi le leng ba qeta ka ho ba bapala bolo ea maoto ho bona hore na ke mang eo e leng sebapali se hloahloa.

1

Ba ile ba ea lebaleng la papali ea bolo ba qala ho bapala. Khoho e ne e le lebelo, empa Lefokololi le le lebelo ho feta Kholo haholo.

Khoho e rahela hole, empa Lefokololi le rahela holenyana ho mo feta. Khoho ea qalella ho koata.

2

Ba ile ba nka qeto ea ho raha lipenalete. Lefokololi ea ba lona la pele la ho ba sethibathibane. Khoho ea hlaba ntlha e le 'ngoe feela.

Eaba eba nako ea khoho ea ho ba sethibathibane.

3

Lefokololi le ile la raha bolo la hlaba ntlha. Lefokololi le ile la tiribola khoho la ba la hlaba ntlha. Lefokololi le ile la heta bolo ka hlooho la hlaba ntlha.

Lefokololi le hlabile lintlha tse hlano!

4

Khoho e ne e halefile hore e hlotsoe ke Lefokololi. E ne e hlotsoe hampe.

Lefokololi le ile la qalella ho ts'eha hobane motsoalle oa lona a ne a koatile haholo.

5

Khoho e ne e halefile hoo e bileng ea ba ea kobola Lefokololi ea le koenya.

6

Ea re ha khoho e tsamaea ho ea hae, ea kopana le 'M'e oa Lefokololi. M'e oa Lefokololi a botsa Khoho, "Ha o so bone ngoana'ka?"

Khoho ea se mo arabele. 'M'e oa Lefokololi o ne a ts'oenyehile.

7

Ea ba 'M'e oa Lefokololi o utloa lentsoe le lesesane. "Nthuse 'M'e!" ha utloahala lentsoe le llang.

'M'e oa Lefokololi a qamaka a mamelisa ka hloko. Lentsoe le ne le tsoa ka hara Khoho.

8

'M'e oa Lefokololi a hoelehetsa, "Sebelisa matla a hao a ikhethileng ngoana'ka!"

Mafokololi a ka nts'a monko o mobe le tatso e mpe haholo. Khoho ea qalella ho kula.

9

Khoho ea bohla. Ea ba e ea koenya, e ea ts'oela. Ea thimola, ea ba e ea hohlola.

Tatso ea Lefokololi e ne e le e mpe hona hoo.

10

Khoho e ile ea hohlola hona hoo ebileng ea hlatsa Lefokololi leo le neng le le ka mpeng ea eona.

'M'e oa Lefokololi le ngoana oa hae ba ngoagoarela sefate ba hloella ho ea ipata.

11

Ho tloha ka eona nako eo, likhoho le mafokololi esale e le lira.

12
You are free to download, copy, translate or adapt this story and use the illustrations as long as you attribute in the following way:
Khoho le Lefokololi
Author - Winny Asara
Translation - Khothatso Ranoosi, Marion Drew
Illustration - Magriet Brink
Language - Sesotho (Lesotho)
Level - First paragraphs