Letsatsi, Khoeli, Pula le Moea
Khothatso Ranoosi
Children of Paleng

Khale khale, Letsatsi, Khoeli, Pula le Moea li ne li loantšana.

1

Khang ea bona e ne e le hore Letsatsi le ne le batla ho chaba letšeare lohle. Khoeli e ne e batla ho khanya letsatsi kaofela.

Pula e ne e batla ho na tsatsi le leng le le leng, le Moea o no batla ho foka nako eohle. Li ne li sa batle ho fana ka sebaka.

2

Ba rera ho lula fatše, ba bue taba ena. Eaba kopanong ea bona, Letsatsi le botsa Khoeli, "Ke eng eo u e etsang ho thusa lefatše?"

Khoeli ea araba ea re, "Ke ea khantša bosiu hore liphoofolo li tsome."

3

Khoeli ea botsa Pula, "Ke eng eo u e etsang ho thusa lefatše?"

Pula ea araba, "Ke fa lefatše metsi hore lifate le limela li hole hantle. Hape ke fa liphoofolo metsi hore li noe."

4

Pula ea botsa Moea, "Ke'ng eo u e etsang ho thusa lefatše?"

Moea oa araba oa re, "Ke fiela lefatše hore le hloeke. Ke hasa pula lefatše ka bophara ba lona."

5

Moea le ona oa botsa Letsatsi, "Ke'ng eo u e etsang ho thusa lefatše?"

Letsatsi la araba la re, "Ke fa lefatše khanya le mofuthu, hore liphoofo le lihloliloeng li phele ha monate."

6

Letsatsi, Khoeli, Pula le Moea tsa mamelana ka hloko.

7

Eaba Letsatsi lere, "'Nete ke hore e mong le e mong o thusa lefatše ka mokhoa o ikhethileng. 'Ee", hoa bua Khoeli, "Ha ho na ea molemo ho feta e mong hara rona."

"Re ka sebetsa 'moho." Hoa hlahisa Pula. Eaba Moea o re, "Ha re arolelaneng matsatsi." Ba lumellana kaofela."

8

Ke ka hona ka nako e 'ngoeu ka bonang Khoeli Letsatsi le ntse le chabile. U utloang Moea o foka Pula ha e ena.

Letsatsi, Khoeli, Pula le Moea, li sebetsa hantle ha holo 'moho. Li na le kutloisisano.

9

U rata letsatsi, khoeli, pula kapa moea? Taka eo u e ratang haholo.

10
You are free to download, copy, translate or adapt this story and use the illustrations as long as you attribute in the following way:
Letsatsi, Khoeli, Pula le Moea
Author - Khothatso Ranoosi
Adaptation - Khothatso Ranoosi
Illustration - Children of Paleng
Language - Sesotho (Lesotho)
Level - First paragraphs