Ditshwene tse ileng tsa hasahana
Southern African Folktale
Benjamin Mitchley

Batho ba motsaneng wa dirontabole ba ne ba se ba phela ba tshohile, mme ba hloname hobane ba ne ba tshoswa ke diphoofolo tse neng di ba hlorisa.

1

Diphoofolo di ne di ja dijalo tsa bona tsohle, di bile di ba nkela le bana ba bona. Ho ne ho se ho le kotsi ho dula motsaneng ona. Empa batho ba ne ba tla ya kae?

2

Le leng la malapa la tla le leano. Lapa lena la elellwa hore ho bonolo ho fumana dijo hodimo mane marallaneng. La nka qeto ya ho ya dula teng ho balehela diphoofolo tsena tse neng di ba hlorisa.

3

Marallaneng moo, dihlahlana di ne di mela pakeng tsa mafika matswapong. Difate le tsona di ne di mela. Batswadi ba ne ba tshwara bommutla ha bana ba ne tjhea dinonyana hore ba tle ba fumane nama.

4

Malapa a mang a hlokomela hore lelapa lena le ne le phela ha monate. "Bophelo bo monate hodimo mane marallaneng," ho bolela e mong wa banna ba motsaneng wa dirontaboleng.

5

Kamora nakwana, malapa a mang a fihla marallaneng ho tla qala bophelo moo. Lelapa le leng le le leng la iphumanela lehaha leo e tla ba ntlo ya lona. A ne a ikutlwa a futhumetse hape a bolokehile ka mahaheng.

6

Kamora nakwana, bana ba ne ba se ba kgona ho hlwella difate jwaloka ditshwene ho ya kga ditholwana.

7

Dintho di ile tsa nna tsa fetoha butle, butle. Bana ba ne ba se ba sa bue jwaloka pele. Batswadi ba hlokomela hore dinko tsa bona di ntse di eba kgolo, mme ba ne ba se ba hlaha boya mebeleng ya bona.

8

Ha ba ne ba shebana, ba ne ba elellwa hore meno a bona a ne a se a le malelele, mme ba qala ho tsamaya ka matsoho le maoto jwaloka ditshwene.

9

Ba fetoha ya eba dibupuwa tse ntjha tse neng di qala ho bonwa sebakeng seo. Sebupuwa sena ke seo batho ba ileng ba se bitsa tshwene.

10

Ha nako e ntse e ya, ba ne ba se ba phela ka thabo. Ba tlohela ho tsoma mebutla, ba ja dikokonyana tse mobung.

11

Ba lebala puo, ba hlobola diaparo hobane ba ne ba se ba metse boya bo botsho bo neng bo kwahetseng mebele ya bona. Ba fetoha ya eba ditshwene tse felletseng.

12

Di ne di ntse di hopola hore e ne e le batho. Di ne di rata ho shebana dinko tsa tsona tse kgolo mme di tshehane.

13

Empa di ne di hloile setsheho, mme di tlolatlola ke kgalefo ha tse ding di tsheha. Ditshwene di ne di se di sa rate ho phela mmoho ka lebaka la ho tshehana le kgalefo e neng e rena hara tsona. Lelapa ka leng la tsamaya la ya ipatlela bodulo bo botjha.

14

Ke kahoo ho fihlela kajeno, ditshwene di phela ka dihlotshwana tse nyenyane e seng jwaloka setjhaba se seholo sa ha tshwene.

15
You are free to download, copy, translate or adapt this story and use the illustrations as long as you attribute in the following way:
Ditshwene tse ileng tsa hasahana
Author - Southern African Folktale
Translation - Maria Vaz
Illustration - Benjamin Mitchley
Language - Sesotho (South Africa)
Level - First paragraphs