Mohla letsatsi le ileng la nyamela
Khothatso Ranoosi
Jesse Breytenbach

Tsatsi le leng Mme Letsatsi o ile a ya etela kgaitsedi ya hae Kgwedi. Kgwedi o ne a dula ka nqane ho lehodimo. "Ke tla kgutla kapelenyana," ho rialo Letsatsi ho maru.

1

Ha Letsatsi a qeta ho tsamaya, dithaba tsa apara kobo tsa tsona tse tshweu.

2

Moya wa qwaketsana le difate, difate tsa halefa, tsa lahlela makala a tsona hohle.

3

Lehodimo la duma, la putswafala.

4

Maru a ne a saretswe ho bona tsena tsohle, a qala ho lla. Dikeledi tsa ona tsa rotha hohle.

5

Lefatshe lohle la qwela hara metsi.

6

Ka yona nako eo Letsatsi o ne a itokisetsa ho kgaohana le Kgwedi kgaitsediae. A mo suna mme a mo sadisa hantle.

7

Lehodimo le ne le thabile haholo ho bona letsatsi, mme la fetoha la e ba bolou. Dithaba tsa apara botala.

8

Moya wa kgutsa wa robala. Difate tsa ikotlolla makala a tsona tsa bososela.

9

Maru a ne a thabile ho bona mme wa ona Letsatsi hape. A tsamaya ho ilo bapala.

10

Dimelanyana tse nyenyane tsa thunya mobung yaka di re, "Dumelang." Lefatshe lohle la phatsima.

11

Mme Letsatsi a kgantsha hohle. "Ke le boleletse hore ke tla kgutla." A bososela.

12
You are free to download, copy, translate or adapt this story and use the illustrations as long as you attribute in the following way:
Mohla letsatsi le ileng la nyamela
Author - Khothatso Ranoosi, Marion Drew
Translation - Maria Vaz
Illustration - Jesse Breytenbach
Language - Sesotho (South Africa)
Level - First sentences