Ke mang ya ka balang ho fihla ho leshome?
Athieno Gertrude
Salim Kasamba

Kgalekgale, ka hara meru, Morena Lengau o ile a qala ho nahana ka bokamoso.

A nahana, "Ke a tsofala mme ka tsatsi le leng, ke tla shwa. Mmusi ya bohlale o tshwanetse ho kgetha mohlahlami wa hae a sa le motjha mme a phetse hantle.

Na Morena Lengau o tla kgetha mang? O ne a rata maloko kaofela a mmuso wa diphoofolo ka ho lekana.

1

Morena Lengau o ne a na le kgopolo. O ile a roma baromuwa ba hae ho ya hara meru. O ne a ba bolelle hore ba kope maloko a mmuso wa diphoofolo kaofela hore ba tle ntlong ya borena.

O ne a tlo ba le mokete o moholo mme o tla be a tlo etsa tsebiso ya bohlokwa.

Baromuwa ba hae ba mathela kgutlong tse nne tsa moru.

2

Bosiung ba mokete, diphoofolo kaofela ke ha di le ntlong ya borena. Ba ne ba bina ebile ba tjeka ho le monate ba iketlile.

Ha ngwedi e se e hlaheletse hodima difate, Morena Lengau a tla a ema hara bona. Diphoofolo tsa emisa ho bina le ho tjeka. Tsa mamela hantle ha morena wa tsona a qala ho buwa.

3

A hlwekisa qoqotho ya hae a re: "Ke ne ke ntse ke hopola hore nako e fihlile ya hore ke kgethe mohlahlami wa ka. Empa hobane ke le rata ka ho lekana, ha ke kgone ho nka qeto ya hore hara lona ke kgethe mang ya tshwanelwang ke borena. Jwale ke nkile qeto ya hore ho be le tlhodisano hore e nthuse ho nka qeto."

4

Morena Lengau a emisa lerumo. A re, "Wa pele hara lona ya ka akgelang lerumo lena hodimo sepakapakeng mme a bala ho tloha ho nngwe ho fihla ho leshome pele le ka wela fatshe, e tla ba yena mohlahlami wa ka."

5

Eitse ha Morena Lengau a qeta ho bua, diphoofolo tsa utlwa lerata ka mora bona. Tsa retoloha tsa bona Tlou e tla e tsamaya hara letshwele l ho tla pele.

"Suthang tseleng ya ka. Ke nna ya moholo, ke tshwanetse ho ba morena," ha rialo Tlou.

6

Tlou ya nka lerumo ya le akgela hodimo ka mmoho wa yona. Ya isa hloho ya yona morao ya akgela lerumo hodimo sepakapakeng. "Nngwe! Pedi! Tharo! Ijoo!" Tlou ya lla.

Lerumo la shapa fatshe ha ho balwa ho fihla ho nne. Tlou ya sarelwa ya qala ho binabina fatshe. Morena Lengau a mmolella a re, "O fumane sebaka sa hao."

Jwale Tlou ya tshwanela ho tsamaya.

7

Hoba Tlou e tsamaye diphoofolo tsa sala di buisana di thabile. Di ile tsa sitiswa hape ke lerata le leholo le tswang ka mora letshwele.

Poho ya kolobe ya tla e ba sututsa. "Suthang tseleng ya ka. Suthang tseleng ya ka. Ke tlo ba morena. Ke na le mesifa e meholohadi. Ke nna ya matla. Ke tshwanetse ho ba morena."

8

Kolobe a tjhetjhela morao, a fupere lerumo a le akgela sepakapakeng. "Nngwe! Pedi! Tharo! Nne! Hlano! Ijoo!" a hweletsa.

Lerumo la wela fatshe ha ho balwa ho fihla ho tshela. O ne a hlenne haholo. O ile a befelwa mme a lahlela le matlakala a mobu moyeng.

Morena Lengau a mmolella a re, "Kolobe o akgetse ha nngwe fela o fumane sebaka sa hao." Kolobe ya tshwanela ke ho tsamaya.

9

Ka mora mono diphoofolo tsa qala ho bua ntho tse jwale ka tsena, "Tlhodisano ena e boima!" Tlou ha a kgona, empa o moholo haholo. Kolobe le yena o hlolehile, mme le yena o matla haholo. Ha ho ya ka hlolang tlhodisanong ena!"

Nakong eo, tsa utlwa lerata le leng le tswa morao letshweleng la diphoofolo. Ha diphoofolo di sheba morao, ha di a ka tsa kgolwa mahlo a tsona.

10

Tsa bona tshwene e kgolohadi e tla ka pele. Ha Tshwene e suthela, ke ha e bina, "Nka kgona! Ke a tseba nka kgona. Nka kgona!

Tshwene ya nka lerumo ya tjhetjhela morao haholo. Ya hohela letsoho la yona morao, ya mathela pele, ya tlolela hodimo moyeng ya akgela lerumo sepakapakeng.

"Nngwe! Pedi! Tharo! Nne! Hlano! Tshela! Supa! Ijoo!" Tshwene ya lla.

11

Lerumo la wela fatshe ha ho balwa ho fihla ho robedi.

Tshwene e ile ya hlonama. E ne e saretswe mme ya qala ho dikoloha, e ngongoreha ebile e inanatha.

Empa Morena Lengau a mmolella a re: "Tjhe, Tshwene o fumana monyetla o le mong fela." Tshwene ya tshwanela ke ho tsamaya.

12

Tse ding tsa diphoofolo tsa furalla tsa qala ho kgutlela lapeng. Ha di ntse di tsamaya hwa hlahella phuthinyana/ letsanyana le tswa hara letshwele leo.

"Emang, emang. E reng ke leke. Nka kgona. Nka kgona. E reng ke leke."

Eitse ha diphoofolo di utlwa lentswe la yona, tsa qala ho tsheha.

13

Morena Lengau a tlola a saretswe ke kgalefo a re, "Emisang! Le se ke la tshehisa ka Tshepe! Ke mang ya reng diphoofolo tse nyenyane di ka se kgone ho etsa dintho tseo diphoofolo tse kgolo di ka di etsang? Haeba Tshepe e batla ho ba le monyetla, e tla fuwa sebaka seo diphoofolo tse ding di se fuweng. Tjetjhelang morao le dumelleng Tshepe a akgele lerumo."

14

Tshepe a obamela morena wa hae, a retoloha a nka lerumo a le kenya molomong wa hae. A tjhetjhela morao, mme ka matla a mmele wa hae o mosesanyane a qala ho matha. Ha a fihla hare, a tlolela hodimo.

A kga moya, a lokolla lerumo a hweletsa a re, "Hlano le hlano ke leshome." Lerumo la betsa fatshe.

15

Diphoofolo kaofela di ne di thotse. Di ne di kopakopane.

Morena Lengau a hlalosa, "Ee, Tshepe! Hlano le hlano ke tsela e nngwe ya ho fihla ho leshome. Ho na le tsela tse ngata tsa ho bala ho fihla ho leshome."

Hlodisano e ne e se ya ho fumana phoofolo e kgolo kapa e matla haholo. E ne e le hlodisano ya ho fumana phoofolo e bohlale! Ke ka hoo Tshepe e bileng mofumahadi ha Lengau le hlokahetse.

16
You are free to download, copy, translate or adapt this story and use the illustrations as long as you attribute in the following way:
Ke mang ya ka balang ho fihla ho leshome?
Author - Athieno Gertrude, Owino Ogot
Translation - Thelma Tshesane
Illustration - Salim Kasamba
Language - Sesotho (South Africa)
Level - Read aloud