Asnath Mahapa mofofisi wa difofane
Sara Lekganyane
Khanyisa Masemola


Lebo o intaviuwa Mokapteni Asnath Mahapa bakeng sa makasine ya hae ya sekolo.
-
O Thabetse ho kopana le phaeloto ya pele ya mosadi ya Afrika Borwa.
-
“Dumela Mokapteni Mahapa! O amohelehile puisanong ena,” ke Lebo eo.
-
“Dumela, ke a leboha. Ke kopa hore o mpitse Asnath,” ho rialo Asnath.
1
“Ke kopa o mpolelle ka kgolo ya hao,” ho rialo Lebo.
-
“Ke hlahile ka selemo sa 1979, profenseng ya Limpopo mona Afrika Borwa.
-
Moo ke holetseng, ho ne ho se na metsi a dipompo kapa motlakase. Re ne re bala ka kganya ya dikerese.” Asnath a araba.
2
“O qadile neng ho ba le thahasello ya difofane le ho di fofisa?” Lebo a mmotsa.
-
“Ha ke na le dilemo tse 13, ke ile ka ba le Kgahleho difofaneng.
-
Ha ke ne ke le sekolong sa bodulo ka qala ho bala dimakasine ka ho fofa.
-
Ho qalehile jwalo he,” ho hopola Asnath.
3
“Le ile la hola jwang lerato le la ho fofa?” ho botsa Lebo a ntse a ngola fatshe.
-
“Ke ne ke ipotsa hore difofane tse kgolo, tse boima di kgona jwang ho fofa lefaufaung!
-
Ke ne ke batla ho tseba haholo ka hore difofane di fofa jwang,” Asnath a araba.
4
“Ke dithuto dife tseo re lokelang ho ithuta tsona ho ba bafofisi?” ke potso e latelang ya Lebo.
-
Asnath a hlalosa hore dithuto tsa dipalo le saense di bohlokwa.
-
“O lokela ho qeta dihora tse ngata o ikwetlisetsa ho fofa pele o ka fumana laesense ya bofofisi.”
5
Lebo a tswela pele ho botsa haholo ka dithuto tsa bofofisi.
-
“Hore o be mofofisi, o lokela ho tseba dipalo le ho di sebetsa.
-
Thuto ya boinjenere e ruta kamoo difofane di sebetsang. Boinjenere bo theilwe hodima saense le dipalo,” ho rialo Asnath.
6
“Na o hopolo kgetlo la pele la hao la ho fofa?” ke Lebo yeo.
-
“Joo! Hlooho ya ka e ne e dikoloha ke tsekela, empa ha nkaba ka nyahama.
-
Jwale ke fofela naheng tse ngata tse fapaneng, mme ke ithuta ditso tse fapaneng,” ho fetola Asnath.
7
“Ke a kgolwa ho monate haholo!” ho kgotsa Lebo. “Na o ka mpolella haholwanyane hore difofane di fofa jwang?”
-
Asnath a hlalosa a re, “Moya o fokang mapheong o bopa matla a sutuletsang sefofane hodimo.
-
Kgohlano dienjeneng yona e isa sefofane pele.”
8
“Ke ditaba tse kgahlisang,” ho bua Lebo. “Na o ile wa kgahlana le diphephetso ho beng mofofisi?”
-
“Ee, ke kgahlane le diphephetso tse ngata. Ke ile ka bolellwa hore ke mokgutswane haholo, le hore matshwao a ka ha a kgotsofatse, le hore ho fofisa ha se mosebetsi wa basadi.”
9
“O ile wa rarolla mathata ao jwang?” ho botsa Lebo.
-
“Ke ile ka lwana ho fetola molao ka bophahamo ba bafofisi. Ke ile ka kgutlela sekolong sa bofofis, mme ka fumana matshwao a hodimo.
-
Ke ne ke batla ho bontsha hore basadi ba ka kgona ho etsa mosebetsi ona!” Asnath a araba Lebo.
10
Lebo a dumela ka hlooho, mme Asnath a tswela pele, “Ke ithutile hore ha o ikemiseditse o ke ke wa hloleha.
-
Ka ithuta ho se mamele batho ba reng nke ke ka kgona, le hore basadi ba ka etsa tsohle tseo banna ba kgonang ho di etsa.”
-
“Yeo ke nnete!” ho rialo Lebo.
11
“Ke eng seo o leng motlotlo ka sona ka ho fetisisa?” ho botsa Lebo.
-
“Ke ne ke le dilemo tse mashome a mabedi feela ha ke fumana mangolo a bofofisi jwaloka mosadi wa pele Afrika Borwa.
-
Ke ile kaba sehlopheng sa pele sa bafofisi ba basadi.
-
Ke na le tjheseho ya ho kgothaletsa banana ho ithuta saense.”
12
Lebo a qetela ka hore, “Ka bomadimabe re felletswe ke nako. Ke lebohela intaviu ena.
-
O ya bontsha hore ha motho a ikemiseditse mme a sebetsa ka thata, a ka fofela hodimo!”
-
Asnath a bososela a araba a re, “Ke a leboha Lebo, e bile monyaka ho bua le wena!”
13

Dipotso


  1. Ke bo mang batho ba babedi paleng ena, mme ba bua ka eng?
  2. Hobaneng ha Lebo a etsa intaviu ena?
  3. Ke eng se entseng Asnath a batle ho ba mofofisi?
  4. Taka sefofane o le mofofisi wa sona.
14

Lenane la dibuka tse letotong lena


  • Andile Mji
  • Asnath Mahapa
  • Bongani Mayosi
  • Charlotte Maxeke
  • Mmantsane Moche Diale
  • Mulalo Doyoyo
  • Tebello Nyokong
  • Tshilidzi Marwala
15


Buka ena e qapuwe le ho ngolwa ka puo ya Sepedi, ka tlasa porojeke ya2020 ya Zenex Ulwazi Lwethu ya dibuka ya dibuka tse balwang.
16
Your attribution should include the following:
Title: Asnath Mahapa mofofisi wa difofane
Author/s: Sara Lekganyane
Translator/s: Maria Vaz
Illustrator/s: Khanyisa Masemola
Assurer/s: Nthabiseng Tsatsi, Mathapelo Morake
Language: Sesotho (South Africa)

© Zenex Foundation - Saide 2024

CC BY includes the following elements:
 BY   – Credit must be given to the creator