Tshepo le monna ya molelelea
Cornelius Gulere
Catherine Groenewald

Kobang e ne e le monna ya molelele haholo. Baaahi ba motseng ba ne ba mmitsa Kobang Ledimo le Bonolo hobane a ne a a thotse mme a rata batho. O ne a sa tshwane le madimo a mang a mabe ao o badileng ka ona dipaleng tse ding.

Motshehare Kobang o ne a sebetsa tshingwaneng ya hae. Mohoma wa hae o ne o le mokgutswane haholo a tlameha ho inamela tlase hore a sebetse ka ona.

Mokokotlo wa hae o ne o tshwanetse ho ba bohloko ke ho inamela tlase.

1

Tshepo a botsa Kobang, "O bolelele bo bokae hantlentle?" Kobang a lekanyetsa a re: "Nka ba bolelele ba dimitara tse 2,5." A paqama betheng mme a hlalosa a re, "Ke a tseba hore leterase la ka le bolelele ba 1,5m. O a bona hore maoto a ka a leketlella ka ntle ka mitara e le nngwe bonyane. Sena se bolela hore ke tlamehile ke be ke le bolelele ba 2,5m bonyane."

Jwale Tshepo o ne a ka bolella baholo ba motse hore Kobang o bolelele ba 2,5m. O molelele haholo.

2

Tshepo a botsa Kobang, "O bolelele bo bokae hantlentle?" Kobang a lekanyetsa a re: "Nka ba bolelele ba dimitara tse 2,5." A paqama betheng mme a hlalosa a re, "Ke a tseba hore leterase la ka le bolelele ba 1,5m. O a bona hore maoto a ka a leketlella ka ntle ka mitara e le nngwe bonyane. Sena se bolela hore ke tlamehile ke be ke le bolelele ba 2,5m bonyane."

Jwale Tshepo o ne a ka bolella baholo ba motse hore Kobang o bolelele ba 2,5m. O molelele haholo.

3

Jwale Tshepo o ne a tla qala ho sebetsa ka leano la hae la sephiri.

Tshepo, Kobang le kgohwanyane ya hae a e ruileng Tjhokwe, ba palama baesekele ya Kobang e nyenyane ho ya mmarakeng. Kobang o ile a tlameha ho nyolosetsa maoto a hae ka hodima dinaka tsa baesekele a ntse a hatile ditrapi. Tshepo o ne a ipatile ka hara manki a tshaba ho sheba tsela ha baesekele e kgelohela kwana le kwana.

4

Sekwereng sa motse, Kobang a theoha baesekeleng ya hae, mme phiphitha ya baahi ba mo thabetseng ya mo pota-pota. "Dumela Ledimo le Bonolo," Morena wa motse a mo amohela. "Motjha enwa Tshepo o re bolelletse hore o tobane le mathata bophelong, a ho ba molelele haholo. Re batla ho o thusa. Re tla etsa bonnete ba hore tsohle tseo o di hlokang di boholo bo loketseng wena. E se kgale mathata a hao a tla nyamela. Ema mme o lebelle."

5

Baahi ba motseng ba sebeditse bosiu le motsheare ho etsa hore tsohle tseo Kobang a di hlokang di be boholo bo nepahetseng.

Sheba mohoma wa hae o motjha. Bapisa bolelele ba o motjha le wa kgale. Bolelele ba mohoma o motjha bo phetilwe habedi. O nahana hore o bolelele bo bokae? Ho feta mitara e le nngwe? Ka tlasa dimitara tse pedi?

6

Ha morao baahi ba thusitse Kobang ho betla kosene e telele le monyako o motjha wa ntlo ya hae. O ne o le moleletsana ho Kobang, kahoo o ne a se a sa hloke ho inama ha a kena. O lokile hantle.

Shebisisa setshwantsho. Kobang a ka ba a le bolelele ba dimitara tse 2,5. O nahana hore kosene ya hae e ntjha e bolelele bo bokae?

7

Jwale ho tlile bethe le leterase o motjha mmoho le dilakane le dikobo tsa bolelele bo ekeditsweng ho kwahela mmele wa Kobang o molelele ho tloha hlohong ho fihlela monwaneng wa leoto.

Qetellong o ipona a tla fumana phomolo le boroko bo kgutsitseng. Maoto a hae ha a sa tla leketla qetellong ya leterase. Sheba kamoo mmele wa hae wohle o apesitsweng ka teng. Ebile qetellong ya bethe ho na le sekgeo se setseng.

8

Morena wa motse o kopile e mong wa basebetsi ba motse ba sebetsang ka ditshepe ho etsetsa Kobang baesekele e kgolo. E ne e na le manki o moholo ha monate moo Tshepo le Tjhokwe ba ka dulang ka hara wona.

Setulo, dinaka le diterapi di ne di se di le bolelele bo nepahetseng. Kobang o ne a se a sa hloke ho hulanya maoto a hae tseleng kapa ho a leketlisa hodima dinaka hore a tlohe tseleng.

9

Babetli ba motseng ba etseditse Kobang tafole e ntjha e phahameng moo a tla dulang teng, ya maoto a bolelele ba 1,5m bonyane. Jwale ha a dula fatshe ho ja, maoto a hae a kgome fatshe.

Tshepo o dula pela hae setulong se se lelele haholo. O hloka llere ho hlwella hore a fihle hodimo setulong. Bala hore o hata diterapi tse kae tsa llere ho lekanela le Kobang. O nahana hore llere e bolelele bo bokae?

10

Mohoma wa Kobang o motjha o mo nolofaleditse ho jala le ho kotula. Tshingwana ya hae ya fetoha moru! Kobang o tlohella baahi dimanki tsa ditholwana ka ntle pela monyako wa hae wa ka pele, ho bontsha tsela eo a lebohang thuso ya bona.

Mme tsena tsohle di qadile ka toro ya motjha Tshepo ho etsetsa motswalle wa hae, Ledimo le Bonolo, bophelo bo bobebe.

11
You are free to download, copy, translate or adapt this story and use the illustrations as long as you attribute in the following way:
Tshepo le monna ya molelelea
Author - Cornelius Gulere
Translation - Matilda Dube, Thelma Machoene Tshesane
Illustration - Catherine Groenewald
Language - Sesotho (South Africa)
Level - Read aloud