Ha bese e kgolo e bolou e siilwe ke nako
Mecelin Kakoro
Mango Tree

Ha nngwe ka letsatsi bese e kgolo ya botala ba lehodimo e ema motseng wa habo Thabo ho palamisa batho ba yang toropong. Thabo ha a so bone bese e kgolo hakalo. O bala difensetere tse robong tsa bapalami le fensetere e le nngwe ya mokganni. "Ho tlamehile ho ba le mela e 9 (robong) ya bapalami  bonyane ditulo tse tsheletseng mola ka mong," Thabo a nahana.

Haeba Thabo o nepile, bese e kgolo e botala ba lehodimo e ka palamisa bapalami ba ba kae?

1

Hosane, mmae Thabo o mo isa toropong ho yo reka yunifomo e ntjha ya sekolo. Mmae Thabo o rekisa tosene ya mahe ka R15. Dibekeng tse ngata o fumana R450. O lokela ho rekisa ditosene tse kae tsa mahe hore a fumane R450? Dibekeng tse 4 tse fetileng, o kgonne ho boloka halofo ya tjhelete ya hae ho lefella yunifomo e ntjha ya Thabo.

Na o ka bala hore mmae Thabo o bolokile tjhelete e kae ka dibeke tse 4?

2

E se e batla e le kgwedi tse tharo Thabo a qetetse ho palama bese. O tatile!

Hosane ke letsatsi le leholo! Ka hora ya bosupa o se a le betheng, empa o sitwa ho kgaleha. Kelello ya hae e a matha. O nahana ka leeto la ho ya toropong. E se e le halofo ka mora hora ya borobong, empa Thabo o ntse a tonne mahlo!

3

Hoseng ho hong le ho hong, mmae Thabo o mo tsosa ka hora ya bosupa. Empa kajeno, leha a robetse ka hora ya leshome nngwe bosiu, ka hora ya botshelela, o ne a se a tshohile.

Ka hora ya bosupa o ne a se a hlapile a apere a se a loketse tsela! Thabo o robetse nako e kae bosiung bo fetileng?

4

Ka kotara pele ho hora ya borobedi Thabo le mmae ba ya setopong sa bese. Bese e kgolo e botala ba lehodimo e tshwanetse ho fihla ka hora ya borobedi.

Mmae Thabo o sheba tshupanako ya hae. Bese e kgolo ya botala ba lehodimo e saletse morao ka metsotso e leshomehlano. A ipotsa a re: "Empa ka mehla bese e boloka nako. Ekaba bothata bo ho kae?"

5

E se kgale ha fihla batho ba bang hape setopong sa bese. Le bona ba ne ba sheba ditshupanako tsa bona mme ba botsa hore hobaneng bese e saletse morao ka nako.

"E se e le hora ya borobong. Ke ilo fihla mosebetsing ka mora nako," ho rialo monna wa lefahla ya apereng sutu e botala ba lehodimo.

Thabo le mmae ke bona ba emeng sebaka se se lelele. Ho Thabo e se e ka ke dihorahora ba eme! Empa na ha se nnete? Ke nako e kae e ba seng ba e eme?

6

Thabo o kgathatsehile. "Na ke tla qetella ke fumane yunifomo ya ka?" o botsa mmae.

Thabo o bala hore leeto la ho ya le ho kgutla toropong le tla nka dihora tse 4. Hora ho fihla teng, hora tse 2 ho reka le hora e 1 ho kgutla. "Mme, ke na le papadi ya bolo ya maoto le metswalle ya ka, ka hora ya bobedi. Ke tshepa hore bese e tla fihla haufinyane ho seng jwalo, ha re no fihla lapeng ka nako!"

7

Le ha ho le jwalo ba ntse ba eme. Ha jwale Thabo o a lla. Batho ba babedi ho tswa moleng ba kgutlela lapeng. Ba bang ba ntse ba sheba nako ditshupanakong tsa bona.

"Ha re beng le mamello. Ke tiisitse, e seng kgale bese e a tla hona jwale" Mmae Thabo a ba bolella. "Ke batla ho ya hae!" Thabo o a lla. Mmae a re: "Metsotso e meng e leshome fela. Ha bese e se mona halofo ka mora hora ya borobong re tla ya lapeng."

8

Hang fela ba utlwa modumo wa bese e rora e nyoloha ka tsela. Mmae Thabo a re: "O a bona, ke ho bolelletse. Ke halofo mora hora ya borobong hodima hlooho. Re tla reka ka pele. Haeba bese e ka tloha toropong ka nako, re tla be re le lapeng pele papadi ya hao ya bolo ya maoto e qala!"

Thabo o phumola meokgo. Maoto a hae a bohloko. O ikutlwa a kgathetse. O tatetse ho palama bese.

9

Ho re makatsang ke hore, ha se bese e kgolo e botala ba lehodimo. Ke bese e nyenyane e kgubedu. Thabo o bala difensetere tse nne tsa bese lehlakoreng la bapalami. Thabo a re: "Mme, ena e nyenyane haholo ho feta bese e botala ba lehodimo. Ho ke ke ha e ba le tulo e anetseng batho kaofela ba yang toropong."

Na o dumellana le Thabo? Na o ka phopholetsa hore bese e nyenyane e kgubedu e ka palamisa batho ba ba kae?

10

"O ikgathatsa haholo Thabo," mmae a mmapadisa. "Kaofela ha rona ba re emeng setopong sena re tla fumana madulo. Phakisa. A re palame hore re fumane madulo a matle. Ke rona re emeng sebaka se se lelele."

11

Thabo le mmae ba kena ka beseng. Ka mora bona ho na le batho ba bang hape ba 9 ba leng moleng. Thabo a botsa a re: "Na ho tla ba le madulo a re anetseng kaofela ha rona?"

O kgona ho bona hore ho na le mela e 4 ya madulo ka beseng, le madulo a 2 ka lehlakoreng le leng hape le ka lehlakoreng le leng ho na le madulo a 2. Ho na le madulo a makae kaofela? Na batho kaofela ba leng moleng ba tla kgona ho dula?

12

Thabo le mmae ba dula ditulong tse pedi tse ka pele, haufi le monyako. Ba na le sebaka se seholo pela bona mme ba kgona ho bona hantle kantle.

Thabo o bala batho ba 6 ba bang hape ba emeng moleng. "Sena se etsa bapalami ba 17 kaofela," a nahana. "Mme, madulo a tla lekana bapalami kaofela!" a bolella mmae. Ke motho a le mong fela ya tla tshwanelang ke ho ema."

Na Thabo o badile hantle?

13

Jwale bese e tletse. Mokganni o kwala menyako mme bese e a tsamaya. Ho na le lerata ka ntle. Thabo le bapalami ba bang ba sheba ka fensetere.

Batho ba bang hape ba mathela ho tla palama bese. Ba a hweletsa, "Emisa! Emisa! Le rona re hloka ho palama!" Empa ba siilwe ke nako! Thabo le mmae ba utlwela batho ba setseng morao bohloko.

14

Mmae Thabo o botsa mokganni, "Hobaneng o sa tla ka bese e kgolo ya botala ba lehodimo?" Mokganni a re: "E robehile maobane. Bese ena e nnyane e kgubedu ke yona fela e neng e le teng."

Mmae Thabo a mmotsa a re: "Jwale ho tla etsahalang ka batho bao re ba siileng morao?" Mokganni a re: "Se ka kgathatseha. Ke ikemiseditse ho etsa, bonyane maeto a mabedi hape kajeno."

Thabo o mametse ha ba ntse ba bua. Dipalo di feta ka hloohong ya hae.

15

Thabo o bala ditulo hape. "Bese ena e palamisa batho ba 20, ba 16 ba dutseng le ba 4 ba emeng."

"Ke ipotsa hore bese e tla tshwanela ho nka maeto a makae ho palamisa batho ba 100 ho ba isa toropong?" Ba 200 kapa ba 150 bona?" o a ipotsa. Na o ka fumana karabo?

Thabo o thabile! E se kgale o tla be a na le yunifomo ya hae e ntjha! Mme bese e tla ba fihlisa lapeng ka nako bakeng sa papadi ya bolo ya maoto.

16
You are free to download, copy, translate or adapt this story and use the illustrations as long as you attribute in the following way:
Ha bese e kgolo e bolou e siilwe ke nako
Author - Mecelin Kakoro
Translation - Matilda Dube, Thelma Machoene Tshesane
Illustration - Mango Tree
Language - Sesotho (South Africa)
Level - Read aloud