Maguru o fana ka maoto
Mutugi Kamundi
Wiehan de Jager

Kgalekgale, ho ne ho se phoofolo e nang le maoto.

Kaofela ha tsona di ne di hosha fatshe.

1

E ne e le batho feela ba neng ba na le maoto hobane Maguru o ne a fanne ka maoto ho batho.

2

Tsatsi le leng, Maguru a nka qeto ya ho fa phoofolo e nngwe le e nngwe maoto.

A tsamaya hohle motseng a hweleditse ka sebuelahole. O ne a batla phoofolo e nngwe le e nngwe e tsamaye jwaloka motho.

3

Diphoofolo di ne di thabile ha di utlwa hore di tla fuwa maoto.

Phoofolo ka nngwe e ne e batla maoto hore e kgone ho tsamaya le ho matha.

Di ile tsa bina, tsa tsoka mehatla tsa otlanya mapheo a tsona.

4

Diphoofolo tsa bokana mme tsa buisana ka hore na ho thata jwang ho hosha. Lefatshe le ne le ngwapa dimpa tsa tsona.

Maoto a ne a tla di thusa ho ema le ho bona hole, jwaloka moo batho ba etsang kateng.

5

Ha letsatsi le fihla, diphoofolo tse ngata tsa hosha ho ya ntlong ya Maguru ho ya fumana maoto a tsona.

Dithuhlo, ditau, ditlou, mebutlanyana, dikwena, le dinonyana tsa ema mola tsa emela ho fuwa maoto.

6

Phoofolo e nngwe le e nngwe e ile ya fuwa maoto a mane.

Dinonyana di ile tsa fuwa maoto a mabedi nonyana ka nngwe.

7

Diphoofolo di ne di bonahala di sa tlwaeleha ha di na le maoto.

Tse ding tsa tantsha ka thabo. Tse ding di ne di na le bothata ho tsamaya ebile di wela fatshe.

8

Di ne di tsamaya motseng di ikonkela batho.

Diphoofolo tsohle tsa re, "Re ke ke ra hlola re hosha hape."

9

Phoofolo ya ho qetela moleng e ne e le lefokolodi. Maguru a botsa, "Ebe ho na le e mong ka mora hao?"

"Tjhe, ke nna wa ho qetela," ha araba Lefokolodi.

10

Maguru o ne a nahana, "Ebang ho se e mong hape, ke tla etsa jwang ka maoto aa?"

Maguru a fa Lefokolodi maoto ohle a setseng.

11

Lefokolodi a tsamaya a thabile haholo hobane a ne a na le maoto a mangata.

"Ke tla tsamaya ka potlako ho feta e mong le e mong wa bona," a nahana.

12

Hang ha Lefokolodi a tsamaya, noha ya tla ntlong ya Maguru.

"Maguru, ka kopo hle, a ko mphe maoto," ha kopa Noha.

13

"Ke fanne ka maoto ohle. O ne o le kae?" ha botsa Maguru.

"Ke setswe," Noha a araba.

14

Maguru o ile a sheba ka tlung ya hae hore na ho ne ho se maoto a setseng.

Empa ha a ka a fumana letho.

15

Maguru o ile a tswa mme a re, "Tshwarelo, Noha, ha ho na maoto a setseng."

Noha a tlameha ho hosha ho ya hae a sa fumana maoto. Ho tloha tsatsing leo Noha ha sa robala haholo. O dula a emetse monyetla o mong wa ho fumana maoto.

16
You are free to download, copy, translate or adapt this story and use the illustrations as long as you attribute in the following way:
Maguru o fana ka maoto
Author - Mutugi Kamundi
Translation - Tseliso Masolane
Illustration - Wiehan de Jager
Language - Sesotho (South Africa)
Level - First paragraphs