Letsatsi la Tshepo la lehlohonolo
Adelheid Marie Bwire
Rob Owen

Tshepo o hloka yunifomo e ntjha ya sekolo.

Ntatae o mo isa mmarakeng.

1

Tshepo o bona moshanyana a apere hempe e ntle. "Ke hempe e ntle haholo eo," Tshepo a nahana.

2

"Ke lakatsa eka nka be ke na le hempe e tshwanang le ya moshanyana eo," Tshepo a rialo.

3

"Bona, o rekisa dihempe tsela tse ikgethang," Tshepo a rialo.

"Ntate, ka kopo hle, nthekele yona," a kopa.

4

"Tshepo, ke lokela ho reka yunifomo ya hao," ha rialo ntatae.

5

"Ha ke na tjhelete e lekaneng ho reka hempe eo," ntatae a rialo.

6

Ntate wa Tshepo o lefella yunifomo. O maketse ha a bona a fumana tjhelete e kgutlang. Ho na le tjhelete e lekaneng ho reka hempe!

7

Ke letsatsi la lehlohonolo la Tshepo!

Ebe o tla kgetha hempe efe?

8
You are free to download, copy, translate or adapt this story and use the illustrations as long as you attribute in the following way:
Letsatsi la Tshepo la lehlohonolo
Author - Adelheid Marie Bwire
Translation - Tseliso Masolane
Illustration - Rob Owen
Language - Sesotho (South Africa)
Level - First sentences