Nko ya tlou
Judith Baker
Wiehan de Jager

E mong le e mong o a tseba hore tlou e na le nko e telele.

1

Empa kgalekgale, nko ya tlou e ne e le kgutshwane e le tenya.

Jwaloka seeta bohareng ba sefahleho sa sona.

2

Tsatsi le leng ha tswalwa ledinyane la tlou. O ne a rata ho tseba ka dintho tse ngata. O ne a e na le potso ka phoofolo e nngwe le e nngwe.

3

O ne a rata ho tseba haholwanyane ka Thuhlo.

"Hobaneng o na le molala o molelele," a botsa.

4

O ne a batla ho tseba haholwanyane ka Tshukudu.

"Hobaneng ha lenaka la hao le na le ntlha e motsu?"

5

O ne a rata ho tseba haholwanyane ka Kubu.

"Hobaneng o na le mahlo a mafubedu?" a botsa.

6

O ne a boetse a batla ho tseba haholwanyane ka Kwena.

"Kwena e jang bakeng sa dijo tsa mantsiboya?" a botsa.

7

"O se ke wa botsa potso e jwalo!" ha rialo mmae. Yaba o a tsamaya, a swentse.

8

Ka potlako, Lekgwaba la fofela ho ledinyane la tlou. "Ntatele ho ya nokeng. Moo o tla bona hore na Kwena e jang bakeng sa dijo tsa mantsiboya."

9

Yaba ledinyane la tlou le sala Lekgwaba morao ho ya nokeng.

10

A sutumetsa mahlaka a ba a ya ema lebopong. A sheba ka hara metsi. Kwena e ne e le kae?

11

"Dumela," ha rialo lejwe le pela lebopo la noka.
"Dumela," ha rialo Ledinyane la Tlou. "Ebe o ka mpolella hore na Kwena e jang bakeng sa dijo tsa mantsiboya?" a botsa.

12

"Inama ke tla o bolella," ha rialo lejwe. "Tlasenyanyana, tlasenyana," ha rialo lejwe. Ledinyane la Tlou la inamela tlase, tlasenyana.

13

Mme hang, "Qhau!" nko ya Ledinyane la Tlou e ne e tshwerwe ka hara mehlahare ya Kwena.
"Kwena o tla o ja!" ha tlerola Lekgwaba, la ba la fofa.

14

Ledinyane la Tlou la dula hodima maoto a lona a matla la hula. La hula, la hula, la hula.

Empa Kwena ya se ke ya tlohela nko ya lona.

15

Nko ya Ledinyane la Tlou ya huleha, ya huleha, yaba ya huleha.

Mme, "Putla!" la wa ka mokokotlo.

16

Kwena ya teba hape ka metsing.

E ne e kgenne ka ho lahlehelwa ke dijo tsa yona tsa mantsiboya.

17

Ledinyane la Tlou la sheba nko ya lona. E ne e hulehile e le telele haholo. Le ne le sa bone moo e fellang!

18

Nko ya lona e ne e le telele hoo le neng le kgona ho kgola tholwana makaleng a hodimo.

19

Nko ya lona e ne e le telele hoo le neng le ka itshela ka metsi ka mokokotlong. Ho tloha tsatsing leo, ditlou kaofela tsa e ba le dinko tse telele.

20
You are free to download, copy, translate or adapt this story and use the illustrations as long as you attribute in the following way:
Nko ya tlou
Author - Judith Baker, Lorato Trok
Translation - Tseliso Masolane
Illustration - Wiehan de Jager
Language - Sesotho (South Africa)
Level - First sentences