Bese ya mmala wa botala ba lehodimo
Mecelin Kakoro
Mango Tree

Ho ne ho na le bese e le nngwe feela motseng wa boThato.

E ne e le kgolo e le mmala wa botala ba lehodimo. E ne e le lerata haholo.

1

Ka letsatsi le leng, mme wa Thato a re, "Kamoso re ya toropong ho ya reka diaparo tsa hao tsa sekolo."

2

Thato o ne a thabile haholo. Ba ne ba tlo tsamaya ka bese e kgolo ya mmala wa botala ba lehodimo.

O ne a sa kgone ho rabala bosiu boo.

3

Thato o ne a se a itokisitse ha mmae a tlo mo tsosa.

4

Thato le mmae ba tsamaya ka maoto ho ya boemeleng ba bese. Ba ne ba emetse bese e e kgolo e mmala wa botala ba lehodimo.

Empa bese ya se ka ya fihla.

5

Batho ba bang ba ile ba fihla boemelong ba bese. Ba ne ba ipelaetsa hobane bese e ne e sa fihla ka nako.

"Bese e kae?" ba botsa.

6

Thato o ne a tshwenyehile.

"Ha re na kgona ho ya toropong. Ha ke na ho kgona ho ba le diaparo tse ntjha tsa sekolo," a nahana.

7

Batho ba bang ba ne ba ikela hae. Empa Thato a lla ebile a sa batle ho boela hae.

Mmae o ne a mo kgothatsa. "Re tla ema hanyenyane," a rialo.

8

Hanghang, ba ile ba utlwa modumo.

Ba ile ba bona lerole moyeng.

Bese e ne e tla!

9

Empa bese e ne e se e mmala o botala ba lehodimo. E ne e se kgolo. Bese e ne e le kgubedu ebile e le nyenyane. Batho ba ne ba sa e palame.

10

"Palamang! Palamang!" mokganni a hweletsa. "Re morao nakong kajeno," a rialo.

11

Thato le mmae e ne e le bona ba pele ho palama bese. Kamora nakwana batho ba bang le bona ba palama bese e kgubedu e nyenyane.

12

Thato o ne a shebile ka fensetere. O ne a bona batho ba bangata boemelong ba bese.

13

Batho ba bangata ba ne ba matha ho tshwara bese. Empa ba ne ba le morao nakong.

Bese e ne e tletse. Bese e kgubedu e ne e ya toropong.

14

"Bese e mmala wa botala ba lehodimo e kgolo e kae?" mme wa Thato a botsa.

"E robehile," mokganni a araba. "Re a e lokisa. E tla fihla kamoso."

15

Thato o ne a sa tshwenyeha ka mmala wa bese. O ne a sa tshwenyeha ka boholo ba bese.

O ne a thabetse feela hore bese e ya toropong.

16
You are free to download, copy, translate or adapt this story and use the illustrations as long as you attribute in the following way:
Bese ya mmala wa botala ba lehodimo
Author - Mecelin Kakoro
Translation - Tseliso Masolane
Illustration - Mango Tree
Language - Sesotho (South Africa)
Level - First paragraphs