Kwetetswe!
Richard Khadambi
Abraham Muzee

Nna le motswalle wa ka Kiki re rata ho sibolla dintho tse ntjha mme re tseba sebaka seo re dulang ho sona ka botlalo. Ha re tloha sekolong, re ile ra qoqa ka dibaka tseo re ka di sibollang tsatsing leo.

1

Ra nka qeto ya ho paroletsa lebaleng le leholo le bulehileng haufi le seporo sa terene sa kgale, leha ntate wa Kiki a ile a re hlokomedisa ho se tsamaye moo. Ka mora nakwana, ra bona monna e molelele ya apereng jase e telele a tla a tsamaya butle ka mora rona.

2

Re ile ra tsamaya butle ho sheba monna eo. Letlalo la hae le ne le tletse dihloba. Dipounama tsa hae di ne di le nyenyane haholo ho kwahela meno a hae a masootho. O ne a na le lebadi le tebileng ka lehlakoreng le leng la sefahleho sa hae. Monna eo o ne a re setse moaro!

3

Re ile ra nka qeto ya ho ema ho shebana le moditjhaba enwa. Pelo ya ka e ne e otlela hodimo hoo ke neng ke nahana hore a ka e utlwa Ka mo tadima, ka bona sebopeho le diaparo tsa hae. O ne a sa rate tsela eo ke neng ke mo shebile ka yona. A hweletsa, "O ntjhebileng moshemane?"

4

Ka ona motsotso oo, ra furalla ho baleha. Ke ne ke se lebelo haholo. O ile a ntshwara ka hempe a nkgulela morao hampe ka letsoho le le leng. Monna eo o ile a ntiisa hoo ke ileng ka nahana hore dikgopo tsa ka di tla robeha. Empa motswalle wa ka Kiki o ile a phonyoha.

5

Monna e molelele eo o ile a mphahamisa jwaloka pampiri e sosobaneng. O ile a nkakgela ka hara vene e neng e pakile thoteng. Yaba o palama ka pele veneng. Monna e mong ka hara vene o ile a nkwala mahlo ka lesela a ba a ntlamella matsoho ka morao. Yaba mokganni o tloha ka lebelo le tshwanang le la ambulense.

6

Monna ya neng a le haufi le nna a nkwahela sefahleho ka lesela le metsi. Mokedikedi o leseleng o ne o nkga hamonate, mme wa nketsa hore ke tshwarwe ke boroko ke be ke tsekele. Ka kgaleha. Ha ke phaphama ka iphumana ke dutse fulurung ka hara phaposi e lefifi e nang le ditepo tsa sekgo le ditweba. Ke ne ke se ke sa kwahela sefahleho.

7

Lemati la phaposi e lefifi le ile la bulwa ka lerata, mme monna a kena a nkile sejana. E ne e le monna elwa ya neng a ntlamme matsoho a ba a nthobatsa. "Dijo tsa hao ke tsena. Ho molemo hore o je hobane o tlo nka leeto le le lelele," ha rialo monna eo. O ile a kgaola thapo e neng e ntlamme matsoho ka thipa e bohale e neng e leketlile lebanteng la hae.

8

Eitse ha ke utlwa lentswe 'leeto'ka nka qeto ya ho ja hore ke be le matla ho ipholosa. Ha ke ntse ke ja, monna eo o ne a dutse pela ka a ntse a tsuba sakerete. Mosi o ile wa tlala phaposi yohle. Pele ke qeta ho ja, ho ile ha ba le ho kokota monyako.

9

Banna ba bang ba babedi ba ile ba kena ba hulanya moshanyana. E ne e le Kiki! Le yena ba ile ba mo tshwara. Jwale ka bobedi re kwalletswe ka phaposing e lefifi.

10

Ke ile ka utlwisisa hore monna e molelele e mobe e ne e le moetapele wa sehlopha. O ne a fana ka ditaelo ho ba bang ba babedi. Empa monna ya ntliseditseng dijo o ne a bonahala a sa thabela seo ba neng ba se etsa. Ka mora nakwana, ra utlwa ba qhwebeshana ka ntle ho phaposi, Moetapele a ba kgarumela, "Ha ke kgathalle hore na le tseba lelapa labo. Le ke ke la kweneha hona jwale."

11

Ho qhwebeshana hoo ha etsa hore re elellwe hore e mong wa bona o a re tseba. Ke ne ke maketse hore na ke mang. Kiki a re, "Re tlameha ho fumana tsela ya ho phonyoha. Batswadi ba rona ha ba na tjhelete eo ba ka e lefang." Ka tlamolla motswalle wa ka kaha re ile ra ba lehlohonolo. Banna ba tswella ho se utlwane mme ba qala ho lwana. Ra qala ho tlamolla diboutu tsa lemati le ka hara phaposi re kgutsitse mme ra qala ho batla tsela ya ho phonyoha.

12

Ra bona kganya e tshesane e hlahile pakeng tsa mapolanka a kgale a kokoteletsweng leboteng. Ra hula lepolanka ho fihlela dipekere di be di tswa leboteng le foforehang. Ra hula lepolanka le leng, le leng hape, ho fihlela kganya ela e hlahileng hasesane, e hlaha haholo ho kganya ho feta. Ho ne ho na le fenstere e nyenyane e pshatlehileng pakeng tsa mapolanka ao!

13

Ka potlako ra nka qeto Kiki o ne a le lebelo ebile a le monyenyane ho nna, kahoo, o ne a a tla matha ho ya batla thuso. Ra kwahela kgalase e pshatlehileng ka hara foreimi ka dibaki tsa rona tsa sekolo, mme ka mo thusa ho mo phahamisa. Kiki o ile a itshwasolla a tswa ka fensetere. E ne e se hole haholo le fatshe kantle, mme ka mo utlwa a tshetemela fatshe, a bile a hemela hodimo. Yaba o ile.

14

Ka nako ena banna ba ne ba se ba utlwile lerata leo re le entseng, ebile re raha lemati hore le tswe diboutu. Ba itahlela ka phaposing ba ema motsotso ba shebile fensetere. Ba mathela ka ntle, ba sututsana, ba sa tsebe na ba lebe kae. Banna ba ne ba halefile haholo, Haholoholo moetapele e mobe. A ntjhapa, a wheletsa, "Batswadi ba tla lefella sena!"

15

Banna ba kokotella mapolanka hape hoodima fensetere ba ba ba nnotlella ka phaposing. Empa ba ne ba ntse ba sa dumellane hore na ba etseng—Ka ba utlwa ba qhwebeshana hape. Monna ya tsubang haholo o ne a batla ho ntokolla. Mokganni o ne a tshwenyehile hore motswalle wa ka o tla kgutla mme a tle le mapolesa. Moetapele o ne a batla tjhelete ya phapanyetsano ya ho re kwetela.

16

E ne e se ka ho ke ke ha etsahala, ha ke utlwa ho kokotwa hasesane fensetereng. Lentswe la motho e moholo la re, "O se ke wa tshaba. Mapolesa a se a le teng. Paqamang fatshe, le ikwahele dihlooho, le se ke la sisinyeha."

17

Ha ke na bonnete hore ho ile ha etsahalang ka mora moo. Ntho e nngwe le e nngwe e ile ya etsahala! Banna ba ile ba makala haholo ha mapolesa a ikakgela ka phaposing eo ba neng ba le ka hara yona. Ho ne ho le lerata la ho hweletsa le medumo ya sethunya.

18

Lepolesa la mme le ile la bula lemati le kenang phaposing eo ke leng ka hara yona. A mphahamisa, a ba a nkapesa kobo. A re ho nna, "Motswalle wa hao o bile lehlohonolo. O ile a fumana mmila o moholo haufi le sebaka sena. Re ne re kganna ho lekola ha a tla mathela ka tseleng. Ka mora ho utlwa pale ya hae, ra bitsa mapolesa a mang ho tla thusa, mme ba tla ho tla rutela dinokwane tsena ba bangata!"

19

Banna ba bararo ba ile ba tshwarwa, ba tlangwa ka mahlahahlela mme ba kenngwa ka veneng. Ka kena ka koloing le lepolesa la mme. A nkisa lapeng ho batswadi ba ka ba neng ba tshwenyehile. Ka mora tsatsi leo, nna le Kiki ra dula re itlhokometse ka nako tsohle ha re nka leeto ho ya sibolla tse ntjha.

20
You are free to download, copy, translate or adapt this story and use the illustrations as long as you attribute in the following way:
Kwetetswe!
Author - Richard Khadambi, Collins Kipkirui
Translation - Tseliso Masolane
Illustration - Abraham Muzee
Language - Sesotho (South Africa)
Level - Read aloud