Kgoho le Lefokolodi
Winny Asara
Magriet Brink

Kgoho le Lefokolodi e ne e le metswalle. Empa ba ne ba dula ba hlodisana. Tsatsi le leng ba qeta ka ho ba bapala bolo ya maoto ho bona hore na ke mang eo e leng sebapadi se hlwahlwa.

1

Ba ile ba ya lebaleng la bolo mme ba qala papadi ya bona. Kgoho o ne a le lebelo, empa Lefokolodi a le lebelo ho mo feta. Kgoho o rahela hole, empa Lefokolodi o rahela hole ho mo feta. Kgoho o ile a qala a sarelwa.

2

Ba ile ba nka qeto ya ho raha dipenale. Lefokolodi ya e ba yena pele ho ba sethibathibane. Kgoho o ile a hlaba ntlha e le nngwe feela. Ya eba nako ya hore Kgoho a sireletse ntlha.

3

Lefokolodi o ile a raha bolo a hlaba ntlha. Lefokolodi o ile a mo fekefa a ba a hlaba ntlha. Lefokolodi o ile a thula bolo ka hlooho a hlaba ntlha. Lefokolodi o ile a hlaba dintlha tse hlano.

4

Kgoho o ne a halefile hore o hlotswe. E ne e le mohlodiwa e mobe haholo. Lefokodi o ile a qala ho tsheha hobane motswalle wa hae o ne a etsa diphoso.

5

Kgoho o ne a halefile hoo a bileng a bula molomo wa hae haholo a kwenya Lefokolodi.

6

Ha Kgoho a tsamaya ho ya hae, a kopana le Mma Lefokolodi. Mma Lefokolodi a mmotsa, "Ha o so bone ngwanaka?" Kgoho a se ke a araba. Mma Lefokolodi o ne a tshwenyehile.

7

Yaba Mma Lefokolodi o utlwa lentswe le lesesane. "Nthuse Mme!" ha utlwahala lentswe le llang. Mma Lefokolodi a qamaka a mamedisisa ka hloko. Lentswe le ne le tswa ka hara Kgoho.

8

Mma Lefokolodi a hweletsa, "Sebedisa matla a hao a ikgethang ngwanaka!" Mafokolodi a ka ntsha monko o mobe le tatso e mpe haholo. Kgoho a qala ho ikutlwa a kula.

9

Kgoho a bohla. A kwenya a ba a tshwela. A thimola a ba a hohlola. A ba a hohlola. Lefokolodi o ne a le mobe!

10

Kgoho a hohlola a ba a ntsha Lefokolodi ya neng a le ka mpeng ya hae. Mma Lefokolodi le ngwana wa hae ba ngwangwarela sefate ho ipata.

11

Ho tloha mohlang oo, dikgoho le mafokolodi esale e le dira.

12
You are free to download, copy, translate or adapt this story and use the illustrations as long as you attribute in the following way:
Kgoho le Lefokolodi
Author - Winny Asara
Translation - Tseliso Masolane
Illustration - Magriet Brink
Language - Sesotho (South Africa)
Level - First paragraphs