Khomo, Pooli, le Ntja, le TV
Fabian Wakholi
Marleen Visser

Khomo, Pooli le Ntja tsa ea toropong ka koloi ea tekesi. Line lilo reka.

1

Eaba Khomo eona e reka TV.

2

Pooli eona ea reka kobo e ts'oeu.

3

Ntja eona e ne e batla ho reka lieta tsencha, empa e ne e sena chelete. Eaba eona ha e reke letho.

4

Khomo, Pooli, le Ntja lia hae ka tekesi.

5

O kanna oa bona Khomo masimong e eme, e shebela hae. E lakatsa hore e ke e kabe e le hae, e shebelletse TV ea eona e ncha.

6

O kanna oa bona Pooli e baleha, hobane ha e batle ha o ka e ts'oara. E ne e nahana hore o tloha o e hlobolisa kobo ea eona e ts'oeu, eoo e lulang e apere ka nako eohle.

7

O kanna oa bona Ntja e mathela koloing ea tekesi. Hona joale e na le chelete. E batla hoea toropong. E lo reka lieta tse ncha tsa eona.

8
You are free to download, copy, translate or adapt this story and use the illustrations as long as you attribute in the following way:
Khomo, Pooli, le Ntja, le TV
Author - Fabian Wakholi
Adaptation - Khothatso Ranoosi, Marion Drew
Illustration - Marleen Visser
Language - Sesotho (Lesotho)
Level - First paragraphs