Moqebelo hone ho chesa haholo
Nombulelo Thabane
Wiehan de Jager

Motseare oa mantsibuea ka khoeli ea ts'itioe hone ho chesa haholo-holo. Emong le emong o ne a sa thaba.

'M'e oa bona a re, "Bontle, Mpho le Lerato tsoelang kantle lelo bapala. Hakebatle hale bapalla tlasa maoto aka."

1

Ratsoa re matha ka tlung.

"Hare eng nokeng," Lerato a re, "Ho pholile moo. Empa 'M'e a re reseke ratola ka nokeng," ho rialo Bontle.

"Harena hotola," ho araba Lerato. "Re tlo bapala mono moriting pela metsi."

2

Empa ho bapala libeke, ke mosebetsi o chesang, leha ole tlasa sefate pela noka.

Pele retla rola lieta tsa rona. Empa rentse rechesa hole joalo.

Eaba re hlobola lihempe le mese ea rona. Empa rentse rechesa hole joalo.

3

Eaba rekenya maotoa a rona ka nokeng hore a phoole. Eaba re hasana ka ona.

Kamora nako e seng kae raiphumana rele metsi hohle.

4

"Oh tloho retlo tola," ho rialo Mpho, "Ha ana hotseba 'M'e."

Ratola, ratola rabara tola ra lebala ka nako.

5

Letsatsi laqala hoea malikelong, ra qala hohatsela.
Liphahlo tsarona likae?

6

Relishebile tlasa lifate. Ralishebile le limeleng tse ngata. Hohle reile rasheba.

7

Hone ne ena le likhomo pela noka, lintse li itjella joang bo bonolo.

Bontle a sheba holimo, "Shebang khomo eane! Ke eng eka hanong la eona?"

Lerato a re, "Entse eja palesa e khubelu."

8

Mpho ka bohale a re, "Ha se palesa e khubelu, ke hempe ea hao!"

Rasheba khomo e'ngoe hape. Ene entse eja ntho e'ngoe e putsoa.

Botle ka bohale a re, "Ke mose oaka!"

9

Reile raea ea hae re te'ne mekoarela fela. Rene re thothomela ke serame. Empa ene ese hobane ho bata.

"Ene ele likhomo," ralla. "Likhomo lijile liphahlo tsa rona."

Empa 'M'e oa rona oile are kholoa? Hang litono tsa rona tsa chesa. Empa line lisa omisoe ke letsatsi!

10
You are free to download, copy, translate or adapt this story and use the illustrations as long as you attribute in the following way:
Moqebelo hone ho chesa haholo
Author - Nombulelo Thabane, Tessa Welch
Translation - Khothatso Ranoosi, Marion Drew
Illustration - Wiehan de Jager
Language - Sesotho (Lesotho)
Level - Longer paragraphs