Likatse tsa Selemeng
Khothatso Ranoosi
Jesse Breytenbach

Selemeng ke ngoanana ea monyane. O rata likatse. Lile ngata lapeng habo.

1

Selemeng o na le katse e le'ngoe entšo. E ja nama haholo.

2

Selemeng o na le katse e nonneng haholo. E ja ntho e'ngoe le e'ngoe.

3

Katse ea boraro, ea matha, hoea qhomela holima sefate. Ea fumana bothata ba hore na e theoha sefateng joang.

4

Selemeng a hloa sefate le ena. Selemeng a fumana bothata le ena. 'M'e oa Selemeng le ena a tlameha hoea thusa katse le Selemeng ho theoha sefateng.

5

Selemeng o na le likatse tse peli hape. Line li kakalla kantle letsatsing letšeare kaofela.

6

Selemeng o na le likatse tse tharo hape tse phatahaneng. Litšoara litoeba kantlung ea lijo bosiu.

7

Selemeng o na le ntja e le'ngoe. Lebitso la eona ke Lirafi. Ene e sena motsoalle. E koatile.

8

Likatse tsa Selemeng hali rate Lirafi. Li lelekisa Lirafi hore etsoe ka tlung. Ea baleha.

9

Selemeng a tlameha hoea e lata hore e khutlele lapeng. Eaba likatse lia koata. Hali batle hobona Lirafi hape.

10

Selemeng o na le likatse tse kae habo? Eea, o na le likatse tse robeli.

11

Selemeng o na le lintja tse kae habo? Eea, o na le ntja e le'ngoe. Selemeng o thabela likatse tsa hae tse robeli le ntja ea hae e le'ngoe.

12

Uena heno, hona le likatse tse kae? Le lintja tse kae?

13
You are free to download, copy, translate or adapt this story and use the illustrations as long as you attribute in the following way:
Likatse tsa Selemeng
Author - Khothatso Ranoosi, Marion Drew
Illustration - Jesse Breytenbach
Language - Sesotho (Lesotho)
Level - First paragraphs