

Reitumetse o ne a rata ho etsa mosebetsi oa hae oa sekolo e sa le nako. Pele a leba papaling, o ne a etsa bonnete ba hore o entse mosebetsi oa hae oa sekolo, le hore batsoali ba hae ba o tekenetse ha ba fihla hae.
Ka letsatsi le leng, a kopa 'me oa hae hore a mo thuse ka mosebetsi oa sekolo. 'M'e oa hae a nka mohala oa thekeng, a bula bohlale ba maiketsetso bo bitsoang chatbot.
Reitumetse ha a ka khotsofalla sena.
'M'e oa hae o ile a elelloa ho se khotsofale, 'me a batla lebaka. Reitumetse a hlalosa hore tichere ea hae e ba rutile hore, ha ba sa utloisise potso, ba lokela ho latela methati e itseng, pele ba ka sebelisa bohlale ba maiketsetso. Tichere e hlalositse hore, pele, ba lokela ho batla meelelo ea matsoe ao ba sa a utlosiseng ka sehlalosing.
Hape, tichere e ba elelitse hore ba bale potso makhetlo-khetlo hofihlela ba e utloisisa. Ke seo Reitumetse a ileng a se etsa motsotsong ona hore a utloisise. Tichere e ba elelitse hape hore, ba bale tse ngotsoeng ka libukeng tsa bona tse amanang le potso eo ba e botsitsoeng.
"Tichere ea rona e re rutile hore ha se bohlale boohle ba maiketsetso bo reretsoeng tsa thuto. Re lokela ho e sebelisa ka bohlale, re fumane tataiso, hape re se re balile, re entse lipatlisiso." E le Reitumetse ha a hlalosetsa 'm'e oa hae.
"Le teng, re lokela hore haeba re sebelisa bohlale bona, e be e le ho utloisisa potso, e le ho re bontša hore re lokela ho e sekaseka joang, kapa ka khatiso-pono, le ka setšoantšo ebang re utloisisa tsona haholoanyane."
E le Reitumetse a tsoelapele.
"Tichere ea rona e itse, batsoali ba ka sebelisa bohlale ba maiketsetso hore bo ba thuse ho etsa lipotso tse khutšoanyane tse tla re thusa ho utloisisa, ho fana ka mekhoa e meng e tla ba sehopotso joaloka litšoantšo, melumo e itseng, kapa ho etsa papiso. Tichere ea rona e tobokelitse taba ea hore, maemong ana 'ohle, re lokela ho netefatsa seo re se fuoang ke bohlale ba maiketsetso."
'Mareitumetse o ne a le motlotlo haholo ho elelloa hore morali oa hae o hopola tseo a li rutuoeng skolong. O ne a thabetse tsebo eo morali oa hae a e arolelaneng le eena, 'me a mo khothaletsa ho tsoelapele ho mamela ka hlokolosi ka sehlopheng.
Ke ho thabela seo morali oa hae a mo rutileng sona, 'Mareitumetse o ile a letsetsa tichere ea morali, a mo lebohela ho ruta bana ba bona litaba tsa bohlokoa hakana. A ba a etsa kopo ea hore, ka kopano ea matichere le batsoali e latelang, matichere a etsetse batsoali thupelo mabapi le tšebeliso ea bohlale ba maiketsetso.

