Bobby o a wela
Salome Ledwaba
Martin Letsoalo

Ena ke ntja ya ka. Lebitso la yona ke Bobby.

Ke ntja e tsomang.

1

Bobby o rata ho tsoma diphoofolo tse nyenyane.

Hape o rata ho bapalla moo jwang bo leng bo lelele.

2

Moqebelo o mong, Bobby o ile a ya tsoma ale mong.

A bona mmutlanyana hodima lefika.

Molomo wa Bobby wa qala ho rotha mathe.

3

Mmutlanyana wa bona Bobby a o shebile.

Mmutlanyana wa baleha ka potlako.

4

Bobby a lelekisa mmutlanyana.

O ne a nahanne feela ka ho ja mmutlanyana.

O ne a sa bone mokoti o moholo ka pela hae.

5

Bobby a wela mokoting o tebileng.

Mmutlanyana wa nna wa matha o ntse o potoloha  mokoti.

6

Ka lehlohonolo bashimane ba babedi ba utlwa Bobby a bohola, "Woof! Woof! woof!"

Ba mathela mokoting ho ya mo thusa.

7

"E boima haholo!" ho kgotsa bashimane!

Empa ba kgona ho nyolla Bobby mokoting.

Ene e le ntja e thabileng haholo.

8
You are free to download, copy, translate or adapt this story and use the illustrations as long as you attribute in the following way:
Bobby o a wela
Author - Salome Ledwaba
Translation - Nthabiseng Tsatsi
Illustration - Martin Letsoalo
Language - Sesotho (South Africa)
Level - First paragraphs