

Ene e le lenyalo la pele lapeng la Tenane,mme Refiloe one a e so thabe jwalo bophelong ba hae.''Ke tlilo ba moetsana wa Palesa, ka mose le dieta tse ntjha!" ho rialo Refiloe dikgohong tsa hae.
Refiloe a bolella dikgoho tsa hae ditaba tsohle. Ntatae o ne a ile a mo fa dikgoho tseo e le mpho ya letsatsi la hae la tswalo. One a di rata haholo.
"Tlosa dikgoho tseo tse tshabehang mona Refiloe!" ho omana mmae, "Ha ke di batle kae kapa kae haufi le tente ena ya lenyalo."
Refiloe a tebela dikgoho tsa hae ka tenteng. "Suthang ditlokotsebe ke lona," ho rialo Refiloe, ''Ha ke batle hore le tlo jowa mona lenyalong la Palesa!"
"Mme o re lena e tlilo ba lenyalo la maemo le kileng la bonwa mona Malealea," ke Refiloe a bolella dikgoho tsa hae, "ebile o re nka thusa banana ba ba holwanyane ho pheha."
Dikgoho tsa ithlokomoloha yena.
"Refiloe!" ha hoeletsa mmae a le ka hare," Lesela dikgoho tseo tsa hao ka kopo o tle o tlo nthusa ka dipitsa!"
Mmaya Refiloe o ne a le motlotlo haholo ka ntlo ya hae a batla hore e phethalle lenyalo. O ile a hlwekisa, a hlatswa a koropa a ba a politjha ntho engwe le e nngwe e mahlong a batho.
Ha a se a qetile, ho ne ho se ntho le enngwe e lerole. Dikgoho tsa hlodisa lemating le ka pele,"Tswang!"ha hoeletsa mmaya Refiloe, Tswang dintho ting tse maoto le melomo e tshwehlang!"
Refiloe a latela dikgoho tsa hae hoya ka jareteng."
Mme o nepile, le a swabisa," a di omanya.
Refiloe a nahana motsotswana. Kapelenyana, a bososela a bua a le mong," ke na le mohopolo o hlwahlwa." A ya tlatsa emere ka metsi sedibeng.
Refiloe o ne a sokola ho tshwara dikgoho. Di ne di sa hopole hore ho todiswa ke mohopolo o motle.
Refiloe a kenya kgoho ya pele ka emereng. Ya kakatletsa haholo yaba ya otlanya mapheo ya ona bohlanya. "Butle setlokotsebe towe," ho omana Refiloe, "ha ke tlo ka nako e telele!"
Ha Refiloe a phumula nko le mahlo a kgoho, ka pelenyana ya qhiletsa ya wela ka thoko ho emere.
"Ena ha se nako yah o robala," ho rialo Refiloe. A e thlothlora haholo ho ntsha metsi ohle mmeleng wa yona. "Haeba o sa tsohe hona jwale, ke tla tshwanela ho o beha moo o tla oma hantle," ke Refiloe eo.
A robatsa kgoho hodima jwang hore e ome.Kgoho ya robala ka kgutso.
Refiloe a hlatswa enngwe le e nngwe ya ikgoho. Enngwe le enngwe ya qhiletsa ya robala pele a qeta ka yona. A paqamisa dikgoho tseo tse robedi kaofela hodima jwang hore di ome. Ha ho le enngwe e ileng ya tsitsinya
masiba a yona
"Ke tla di tlohela hanyane di robale," ke Refiloe a nahana, yaba o ya tsamaya o ilo lekola moroho.
Mme Nngwe le Mme Pedi e ne e le bo rakgadia Refiloe. Ba ne ba sa utlwane ho hang.
Bo rakgadi ba ne itokiseditse lenyalo la Palesa dikgwedi kgwedi, emp ba ne ba sa nahane ho ka kalama tekesi e le nngwe.
Mme Nngwe a bona dikgoho tsa Refiloe di omositswe hore di ome. "A nama e monate ya ho ya hae!" arialo a ipolella.
A ngomolla tjhale ka hlooko mme a phuthela dikgoho kaofela ka yona. Haho kgoho le enngwe e ileng ya tsitsinyeha.
"Ke hantle!" a bososela, jwale ke tla di beha hanle moo Mme pedi a se tlong ho di fumana," yaba o beha sephuthelo hukung hara tshimo ya mekopu.
Mme Pedi a nahana ho pheha pitsa ya hae ya mokopu. A nka sekotlolo se seholo a ya tshimong ya meroho.
Tshimong ya meroho a bona sephuthelo hara mekopu, A huthulla sephuthelo. Ha qhoma dikgoho tse robedi kaofela.
"Joo!" a hweletsa a maketse." Bathong, le dikgoho tse ntle tse hlwekileng jwang! Le loketse pitsa ya ka feela," ho rialo Mme Pedi. "Jwale e ka ba nka le pata kae baratuwa? Ke tla tshwanela ho fumana tulo e ntle," a rialo a ntse a potoloha ntlo.
Ke a tseba, a tjho qetellong, "Ke tla le beha marulelong."
Mme Pedi a hlwella hodima lebota la tshimo,a fodisa dikgoho hodima marulelo a jwang.
Tsatsing le hlahlamang la lenyalo, letsatsi la tjhaba hantle.
Refiloe a tsohang pele ho ya hlwela dikgoho. A elellwa hore ha di yo moo a neng a di fodisitse teng hodima jwang.
"Di tshwanetse e be di omme hantle jwale. Ke a kgolwa di ilo batla dijo tsa tson tsa hoseng.
Lenyalo la Palesa le ne le e letle. Dikgoho ha di kaba tsa theoha marulelong ho joina lenyalo ha baetsana ba tjeka ba kena jareteng.
Ha ho kgoho le e nngwe e ileng ya tsitsinyeha ha khwaere ya kereke e binela hodimo ha monate. Dikgoho di ne di ntse di paqame marulelong ha moruti a rera.
Ha di kaba tsa tsitsinya lesiba le ha le le leng ha difariki le ntata Refiloe ba kgerehla Nakong ya thero.
Ha ho leoto la kgoho le ileng la thothomela ha dinku di sasankela tenteng, di bile di batla di thula kuku ya lenyalo.
E bile feela ha ntata monyadi a fana ka puo moo dintho di ileng tsa fetoha.
Kgoho ya pele ya phukallatsa mapheo, ya fofela sefubeng sa Mme Nngwe. Mme Pedi pela hae a qala ho keketeha.
Kgoho e nngwe ya fofela hodima tuku e ntjha ya Mme Nngwe. Batho ba neng ba dutse tafoleng e mabapi be se ke ba leka ho tsheha.
Le leidi le neng le le pela Mme Nngwe, la kenya hloho ya lona ka tlasa tafole, "Ai, aai, aaaaii, he, he, heeeeeeee!" la kgotsa.
Dikgoho kaofela tsa latela tseo tsa pele tse pedi.
Mme Nnwe o ne a sa bonahale hara dikgiho tseo.
Baeti Baeti ba shwa ke ditsheho. Banna ba i tshwara dimpeng Basadi ba thetheha ditulong tsa bona.
Bashanyana le banana ba mamarelana. Bonkgono bane ba sa tsebe le ho phefomoloha ke ditsheho. Bontatemoholo ba tila fatshe ka melamu.
Yaba borakgadi ba babedi ba ya shebana ba keketeha.
Mme Pedi a ahlamisa molomo wa hae ke ditsheho.
Mme Nngwe a kemisa hloho ya hae a tsheha ho fihlela marama a hae a thothomela.
Refiloe o ne a sa kgolwe seo a se bonang.
Baeti kaofela ba dumellana hore lena ke lenyalo le letle le kgabileng leo le so kang le eba teng Malealea
"Hei le lehlohonolo hakakang!" ke Refiloe a bua le dikgoho tsa hae ha a ntse a di kenya ka hokong. Mme ore a keke a le pheha bakeng sa soporo.
"Empa bonang hore le se le le ditshila jwang hape," ho rialo Refiloe ho dikgoho.
"Ke nahana hore ke le todise hape hosane!"

