Hobaneng Kabelo a entse hlanaphetho?
Roxana Bouwer
Sarah Bouwer

Kabelo o entse hlanaphetho, moriri oa hae o molelele o thetsitse fatše.

Lifate, joang, le tsohle ekare li shebile fatše.

1

Maoto a hae, ekare a thetsitse leholimo.

Bahla e monyane oa feta. O re, "Nkile ka u bona. U entse hlanaphetho hape! Hobane'ng?"

2

Maoto a hae a fofa moeeng habobebe. O leka ho ipata ka mora moriri.

"Ho th-th-th-thata ho b-b-b-bua," o cho joalo ho Bahla. "Ha ke tšoane le pele."

3

Bahla o mo tšoara ka letsoho. O batla ho mo thusa ho utloisisa. Ba hloella sebakeng se hlahelletseng le lintho tse ngata seo Bahla a se ratang.

Ba bona lintho tse ngata ha ba le holimo mono. Ba thotse ba shebelletse bana ba bapalang.

4

5

Bana bao ha ba tšoane ho hang.

Mohau o mochitja.

6

Tebello o matheba-theba mahlong.

7

Pitso o molelehali.

8

Mosito o mafolofolo ebile o lokolohile.

9

Ha Liketso eena a ipalla a thotse.

10

Bona moriri o mahlantholana oa Boitelo.

11

Bokang eena o lula a roetse likhalase tsa mahlo hohle moo a eang.

12

'Me nna, ke moketanyana feela. Joalo ka uena. Ha u mong. Motho e mong le e mong o fapane, ua bona?

Seo se etsa hore u ikhethe, joalo ka 'na. Lefatše lena ehlile ke papali e le 'ngoe e kholo. Hore re bapale, re ke se tšoane kaofela.

13

Kabelo o ikutloa hantle, ka lebaka la motsoalle e mocha eo a mo fumaneng.

Ho etsa hlanaphetho ho ne ho se monate. Hona joale o bapala le bana ba bang.

14
You are free to download, copy, translate or adapt this story and use the illustrations as long as you attribute in the following way:
Hobaneng Kabelo a entse hlanaphetho?
Author - Roxana Bouwer
Translation - Lineo Nkabane-Sekopo
Illustration - Sarah Bouwer
Language - Sesotho (Lesotho)
Level - First paragraphs