Li nyane haholo
Media Matters
Sandy Lightly

'M'e," ho hoeletsa Lebo. "Tloho u tlo bona. Liphahlo tsena kaofela li se li sa ntekane!"

"E re ke li bone," ho rialo 'me oa hae.

1

"Bona mose oa ka oa letheka. O monyane haholo," ho rialo Lebo.

"E, kea o bona," ho rialo 'Mae.

"Nthati o tla nka mose oa hao."

2

"Bona bolikhoe ba ka. Bo bonyane haholo," ho rialo Lebo.

"E, kea bo bona" ho rialo 'Mae.

"Nthati o tla nka bolikhoe ba hao."

3

"Bona sekipa sa ka. Se senyane haholo," ho rialo Lebo.

"E, kea se bona," ho rialo 'm'e oa hae.

"Nthati o tla nka sekipa sa hao."

4

"Bona jesi ea ka. E nyane haholo," ho rialo Lebo.

"E, kea e bona," ho rialo 'm'e oa hae.

"Nthati o tla nka jesi ea hao."

5

"Bona sekh'oehla sa ka. Se senyane haholo," ho rialo Lebo.

"E, kea e bona," ho rialo 'm'e oa hae.

"Nthati o tla nka sekh'oehla."

6

"Bona likausi tsa ka. Li nyane haholo," ho rialo Lebo.

"E, kea li bona," ho rialo 'm'e oa hae.

"Nthati o tla nka likausi tsa hao."

7

"Bona lieta tsa ka. Li nyane haholo," ho rialo Lebo.

"E, kea li bona," ho rialo 'm'e oa hae.

"Nthati o tla nka lieta tsa hao."

8

"Bona u na le liphahlo tse ngata," ho rialo Lebo ho Nthati.

"Che che, ha ho joalo," ho rialo Nthati.

"Liphahlo tsena li kholo haholo ho 'na!"

9
You are free to download, copy, translate or adapt this story and use the illustrations as long as you attribute in the following way:
Li nyane haholo
Author - Media Matters
Translation - Lineo Nkabane-Sekopo
Illustration - Sandy Lightly
Language - Sesotho (Lesotho)
Level - First sentences