Lerato o qala sekolo
Soila Murianka
Jacob Kono

Lerato e ne e le ngoanana ea lilemo li hlano ea neng a lula le lelapa labo.

Motse oa habo o ne o le haufi le moru o nang le liphoofolo tse hlaha.

1

Lerato o ne a mamela batsoali ba hae.

O ne a lisa linku le lipoli.

2

Lerato o ne a rata ho mamela linonyana ha li bina ha a lisitse liphoofolo.

Ha linonyana li bina, o ne a kenya mantsoe a hae mololing oa tsona.

3

Lerato o ne a le monyane haholo bakeng sa ho kena sekolo.

Batsoali ba hae ba ile ba lumella bana ba bona ba baholo feela, Puleng le Nthako, hore ba ee sekolong.

Sekolo se ne se le bohole ba likilomithara tse 10.

4

Puleng le Nthako ba ne ba tsamaea hoseng le bana ba bang ba tsoang motseng ebe ba khutla mantsiboea.

Ba ne ba nka mofao.

5

Lerato o ile a botsa 'm'ae, "Ke tla ea sekolong neng?"

'M'ae a araba, "U tla ea e se khale, ngoan'a ka."

6

Ka letsatsi le leng, koloi e ile ea fihla le morena le mafumahatsana a mabeli.

Morena o ne a etsa bonnete ba hore bana ba ea sekolong ba le lilemong tse ts'oanetseng.

7

Batho ba ne ba lumela hore haeba ngoana a khona ho otlolla letsoho holim'a hlooho ea hae ebe le ama tsebe, o se a loketse ho qala sekolo.

8

Morena o ile a botsa, "U lilemo li kae?" Lerato a araba, "Ke lilemo li hlano."

"Ha re bone hore na o ka ea sekolong," ha rialo morena.

9

E mong oa mafumahatsana o ile a nka letsoho le letona la Lerato 'me a le beha hloohong ea hae.

Lerato o ile a ama tsebe ea hae e letsohong le lets'ehali.

10

Lerato o ne a tlo ea sekolong se fapaneng le seo Puleng le Nthako ba eang ho sona.

Se ne se secha ebile se le haufi le hae.

11

Lerato o ne a thabile haholo.

A nahana, "Ke tla khona ho bala le ho ngola joalo ka Puleng le Nthako."

12
You are free to download, copy, translate or adapt this story and use the illustrations as long as you attribute in the following way:
Lerato o qala sekolo
Author - Soila Murianka
Translation - Lineo Nkabane-Sekopo
Illustration - Jacob Kono
Language - Sesotho (Lesotho)
Level - First paragraphs