

Karabo o ne a rata ho botsa lipotso. O tloaelitsoe ke batsoali ba hae.
Ba ne ba mo joetsa hore, "Haeba u sa botse lipotso u sa le monyane, u tla hola u be motho e moholo ea sa tsebeng letho."
Ka tsatsi le leng Karabo a botsa tichere ea hae, "Hobaneng ha batsoali ba rona ba re joetsa hore re hlatsoe matsoho mehlaena pele reja, leha matsoho a rona a ntse a hloekile?"
Barutoana 'moho le eena ba rata potso ea hae. Bane ba sa rate ho joetsoa hore ba hlatsoe matsoho a bona!
Tichere a araba, "Potso e ntle! Leha matsoho a rona a shebahala a hloekile, a ka ba le likokoana-hloko ho ona."
Tichere a hlalosa, "Likokoana-hloko li baka mafu. Re ke ke ra bona likokoana-hloko ka mahlo fela, re hloka ntho e'ngoe e matla ho bona likokoana-hloko."
Tichere ea nts'a maekoroskoupu ka kh'aboteng. "Maekoroskoupu ke sesebelisoa seo re se sebelisang ho bona lintho tse nyane haholo sebakeng sa mahlo a batho," ho rialo tichere.
Tichere ea ngoapa matsoho a Karabo ka thupa 'me a e phumula khaleseng ea maekoroskoupu.
Tichere ea beha khalese holima maekoroskoupu. 'Me ke seo ba ileng ba se bona ka maekoroskoupu.
Leha e le hore matsoho a Karabo a ne a sa shebahale a le lits'ila, a ne a ena le likokoana-hloko.
"Likokoana-hloko li re potipotile hohle, linthong tseo re li ts'oarang ka tlelaseng ya rona, lebaleng la lipapali kapa hae.
Likoakoana-hloko tsena li ka re kulisa haholo," tichere ea ba hlokomelisa.
Tichere ea tsoela pele, "Ho bolaea likokoana-hloko tsena, re hloka ho hlatsoa matsoho a rona ka metsi a hloekileng le sesepa, haholo-holo pele re ja.
Hape ha re kula re tlameha ho hlatsoa matsoho a rona e le hore re se ke ra fetisetsa likokoana-hloko ho ba bang."
Eare ha Karabo a fihla hae, a fumana ntate oa hae a ntse a etsa sesebelisoa se khahlang. "U etsang?" a botsa.
"Sesebelisoa sena bitsoa, 'tippy tap'," ho rialo ntate oa hae. "U se sebelisa ho hlapa matsoho a hao."
Karabo a makala eaba o re, "Oho eea! Tichere ea rona e ile ea re bolella ka sesebelisoa sena. Empa bongata ba rona re ne re sa tsebe ka sona. Se sebelisoa joang?"
O ile a ts'eha a re ho eena, "Atamela ke tlo u bonts'a morali oa ka."
"Pele, hata thupanyana ena e fats'e," ho rialo ntate.
"Joale, sekupu sa metsi se tla sekama se nts'etse metsi matsohong a hao.
Hopola ho hlapa ka sesepa," a joetsa Karabo.
Karabo o ne a thabile a re, "Ke ne ke tla tseba joang hoja ka se ke ka botsa lipotso?
Ke 'nete hore lipotso li etsa hore re be le tsebo."

