

Enoa ke Katse.
Enoa ke Ntja.
Katse le Ntja ba batla ho toroea.
Katse le Ntja ba batla ho tlotsa ka mebala.
Katse le Ntja ba batla ho etsa sets'oants'o.
Ntja oa qala.
O nka pents'ele le pampiri. Pampiri e likhutlo li 'ne.
Pele Ntja o toroea sebopeho sa lehe.
Sebopeho sa lehe ke 'mele oa Katse.
Helee, ho bonolo!
Joale o toroea likhutlotharo tse peli holima sebopeho sa lehe leo.
Likhutlotharo tse peli tseo ke litsebe tsa Katse, o toroea le khutlotharo e nts'o kahara sebopeho sa lehe.
Khutlotharo e nts'o ke nko ea Katse 'me o toroea mola holima nko.
Joale o toroea mahlo le lints'i tsa Katse.
Mahlo ke matheba a mabeli.
Lints'i ke mela e 'meli.
Helee, ho bonolo!
Joale o toroea molomo oa Katse.
Molomo ke mola.
O shebahala joalo ka tlhaku ea 'w', hape o toroea litelu tsa Katse.
Litelu tse tharo ka lehlakoreng le lets'ehali, le tse tharo ka lehlakoreng le letona.
Sets'oants'o se sentse se tla fela.
O toroea matsoho le maoto a Katse.
Matsoho le maoto ke mela, hape o toroea monoana oa leoto oa Katse.
Menoana ea maoto e sebilikoe, o toroea le mohatla oa Katse.
Mohatla ke mola o molelele.
Qetellong o toroea mela 'meleng oa Katse, ebe o o kenya 'mala oa lamunu.
Sets'oants'o se felile.
Helee, se setle!
Joale e se e le nako ea Katse.
O nka pents'ele o nka le pampiri.
Pampiri ke khutlonne.
Pele Katse o toroea sebopeho sa lehe.
Sebopeho sa lehe ke 'mele oa Ntja.
Helee, se setle!
Joale o toroea libopeho tse nts'o tse peli holima sebopeho sa lehe.
Libopeho tse nts'o tse peli, ke litsebe tsa Ntja, hape o toroea sebilikoe se sets'o kahara sebopeho sa lehe.
Sebilikoe se sets'o ke nko ea Ntja, hape o toroea mola ka holima nko.
Joale o toroea mahlo le lints'i tsa Ntja.
Mahlo ke matheba a mabeli.
Lints'i ke mela e 'meli.
Helee se setle haholo!
Joale o toroea molomo oa Ntja.
Molomo ke mola.
Sebopeho seo ke tlhaku ea 'w' hape, ebe o toroea matheba a mang ho pota-pota le molomo oa Ntja.
A mararo lehlakoreng le lets'ehali, le a mararo lehlakoreng le letona.
Sets'oants'o se sentse se tlo fela.
O toroea matsoho le maoto a Ntja.
Matsoho le maoto ke mela, hape o toroea monoana oa leoto oa Ntja.
Menoana ea maoto ke libilikoe, hape o toroea mohatla oa Ntja.
Mohatla o shebehala joalo ka palesa.
Qetellong o toroea libilikoe tse nts'o 'meleng oa Ntja, hape o kenya 'mala o mosehla 'meleng oa eona.
Joale sets'oants'o se felile.
Helee, botle bo hlollang!.
Sala hantle Katse.
Sala hantle sets'oants'o sa Katse.
Sala hantle Ntja.
Sala hantle sets'oants'o sa Ntja.

