

Khale-khale polasing e nyane pela motse o monyane...
...Ho ne ho phela tsuonyana e neng e bitsoa Deise.
"Ha ke hola, ke batla ho fofela holimo-limo sebakeng," ho rialo Deise.
Empa litsuonyana tse ling tsa mo ts'eha.
"U makatsa hore," tsa hlalosa.
"Ha re sa tla bapala le uena."
"Deise, kaofela ha rona re ka otlanya mapheo a rona, empa ho thata haholo hore litsuonyana li fofe," 'M'e oa eona a e joetsa.
Deise ea se ke ea tela. Tsatsi le leng le le leng e ne e ikoetlisa e otlanya mapheo a eona.
Ea otlanya, ea otlanya, ea otlanya mapheo a eona empa e sa khone ho tloha fats'e.
Eare ha e se e ikoetlisitse, ea nahana ho fofela holimo sebakeng hore e shebele tse ling tlase.
Ea nahana feela ha e se e fofa e feta lirobele le mafokotsane. Linonyana tsa re, "Khele! Tsuonyana e tsebang ho fofa?"
Joale tsatsi le leng le le leng Deise e ne e otlanya, e otlanya, e otlanya mapheo a eona.
Ea phahama fats'e, empa ea boela ea oela fats'e hape.
"Ha ke sa tla fofa!" Deise ea llela ho 'm'e oa eona. "Ba bang ba nepile."
"Deise, u fapane le litsuonyana tse ling. Ha li batle ho fofa empa uena u ua fofa! U khona ho fofa," ha rialo 'm'e oa eona.
Ka tsatsi le hlahlamang, Deise ea hloella holima setlojane sa likhoho eaba e ea otlanya, e ea otlanya, e otlanya mapheo a eona.
Eaba e fofela moeeng, ea otlanya mapheo a eona, ea otlanya mapheo a eona, ea otlanya mapheo a eona eaba...
PUTLA!
Litsuonyana tse ling tsa e ts'eha haholo.
"Ha ha ha! Re u joetsitse! Litsuonyana ha li fofe!"
Empa ka tsatsi le hlahlamang, Deise ea hloella holimo-limo haholo ntlong ea mokhoro.
Ea otlanya, ea otlanya, ea otlanya, Deise ea otlanya mapheo a eona.
Ea fofela moeeng, ea otlanya mapheo a eona, ea otlanya mapheo a eona, ea otlanya mapheo a eona eaba...
E tsoelapele ho fofa! Moea o ka tlasa mapheo a eona oa ba matla, eaba e ntse e fofela holimo-limo!
Lirobele le mafokotsane tsa re, "Mohlolo o makatsang! Tsuonyana e fofang!"
Eaba litsuonyana tse ling li batla ho ts'oana le eona.
Tsa re, "Khele Deise, u ua makatsa ruri!"


