Abele le popi ea ausi oa hae
Eyobi Kitaw
Jesse Breytenbach

Ho ne ho ena le moshanyana eo lebitso la hae e neng e le Abele. O ile a iketsetsa kariki.

Abele o ne a sena moqhobi ea ka mo khannelang kariki ea hae e ncha. Eaba o re ho ausi oa hae Palesa, "Ke batla moqhobi oa kariki ena ea ka. Ke kopa u mphe popi ea hao. E tla lula ka kariking."

1

Empa Palesa a re, "A-e, ke batla popi ea ka." Ha Palesa a hana ka popi ea hae, Abele o ile a koata. A choabola popi hape a e hula.

Palesa a hula popi ea hae ka sephaka se seng. Abele a tosa le Palesa a tosa. Sephaka sa popi sa tsomuha!

2

Palesa a lla a mathela ho 'm'e oa hae. "Bona 'M'e," a rialo, "Abele o tsomutse sephaka sa popi ea ka ebile se tsoile. O ne a batla popi ea ka e lo lula ka kariking ea hae, empa 'na ke ne ke batla ho bapala le eona."

'M'e oa hae a re, "Abele ha a its'oara hantle."

3

'M'e a nahana ka ho ruta mora oa hae ho se ts'oare lintho tsa ho bapala tsa ausi oa hae. A ba le mohopolo.

A ea ho motsoalle oa hae oa ngaka a mo kopa, "Ke kopa hore u nthuse." Ngaka ea araba, "Nka u thusa joang motsoalle?"

4

'M'e a araba, "Mora oa ka Abele ha a its'oara hantle matsatsing ana." O tsomutse sephaka sa popi ea ausi'ae. Ha a tlameha ho etsa joalo.

Hosane ke tla mo joetsa hore a tlise popi eno ho uena o e kenye sephaka hape."

5

"Ke kopa u joetse Abele hore a u patalle mosebetsi ua hau. Ha a na chelete, joale u tla mo joetsa hore a hloekise koloi eane ea hau e kholo ea khale e lulang e le leroele." Ha a rialo 'm'e.

Motsoalle oa hae a ts'eha a re, "Ehe- ehe! Ke hantle."

6

'M'e oa Abele a khutlela ha hae. A botsa Abele, "Ha o kula kapa o lemetse o ea kae?" Abele a araba a re, "Ha ke kula kapa ke lemetse, ke tlameha ho ea ngakeng."

'M'e oa Abele a re, "O lemalitse popi, o tlameha ho e isa ngakeng hona joale."

7

Joale Abele a nka popi a e isa ngakeng. "Popi ena e lemalitsoe hampe. 'M'e oa ka o itse ke e tlise ho uena. Ngaka, na o ka e kenya sephaka se secha?"

Ngaka ea lumela hore e tla kenya sephaka se secha. O ile a fela a se kenya.

8

Ngaka ea re ho Abele, "Popi e na le sephaka se secha. U tlameha ho mpatala. U na le chelete e kae?"

Abele a araba, "Kea kopa ngaka, ha ke na chelete hohang. Ha ke na ho khona ho patalla mosebetsi oo u o entseng."

9

Ngaka ea re, "Ke hantle! Ha u na chelete? Koloi ea ka e kholo e lits'ila haholo! Hloekisa koloi ea ka, 'me ka tsela eo u tla be u mpatala."

Abele a nka nkho ea metsi le lesela le hloekileng. Ho ile ha mo nka nako e telele ho hlatsoa koloi eno e lits'ila.

10

Eaba Abele o nka popi o e khutlisetsa ho Palesa. O ne a thabile haholo, a re ho Abele, "O abuti ea hantle. Kea leboha ha u lokisitse popi ea ka."

"Ausi oa ka, ke kopa ts'oarelo ka ho koata le ho u koatisa," ke Abele eo.

11

Ho tloha ka letsatsi leo, Abele a se hlole a nka lintho tsa ausi ua hae hape. 'Me a leka ka hohle-hohle hore a se mo koatise.

Abele a hopola hore na ho mo nkile nako e telele hakae ho hlatsoa koloi ea ngaka e kholo e lits'ila. A nahana hore ho ne ho sa hlokahale hore ebe o koatile le hore ebe o robile lintho.

12
You are free to download, copy, translate or adapt this story and use the illustrations as long as you attribute in the following way:
Abele le popi ea ausi oa hae
Author - Eyobi Kitaw
Translation - Khothatso Ranoosi, Marion Drew
Illustration - Jesse Breytenbach
Language - Sesotho (Lesotho)
Level - Longer paragraphs