Bophelo ba papadi ya bolo ya maoto
Pimville Library Soccer
Pimville Library Soccer

Bling o ne a rata papadi ya bolo ya maoto ka pelo ya hae yohle.

Hangata ha a ne a bua ka papadi ena, o ne a re, "Bolo ya maoto ke bophelo."

1

Bling e ne e le se seng sa dibapadi tse hlwahlwa tsa mokwetlisi Tshepo.

Mokwetlisi Tshepo o ne a kgotsofetse ka sehlopha sa hae.

Dibapadi tse ngata di ne di batla ho ba sehlopheng sena.

2

Papadi ya bohlokwa e ne e tlo ba palwa haufinyana.

Sehlopha se ile sa ikwetlisa letsatsi le leng le le leng.

Bohle ba ne ba thabetse papadi ena e kgolo e tlang.

3

Mokwetlisi wa sehlopha seo ba neng ba tla bapala le sona o ne a le lefufa haholo.

O ne a ena le mona ka katleho ya mokwetlisi Tshepo.

4

Bosiu pele ho papadi, mokwetlisi ya lefufa a ya lebaleng la dipapadi.

A kokotela ntho e kotsi moo.

A tshela le moriana.

5

Bling a bapala hantle haholo qalong ya papadi.

O ne a ilo hlaba ntlha.

Yaba o a kgotjwa.

6

A fosa ntlha yaba o wela fatshe!

"Bling?" batho a hweletsa.

"Bling?" le Mokwetlisi Tshepo a hweletsa.

7

"Ha ho se tla nkema ka pele" Bling a ipolella.

"Bolo ya maoto ke bophelo."

A ema mme a bapala ho fihlela papadi e fela.

8
You are free to download, copy, translate or adapt this story and use the illustrations as long as you attribute in the following way:
Bophelo ba papadi ya bolo ya maoto
Author - Pimville Library Soccer
Translation - Maria Vaz, Nthabiseng Tsatsi
Illustration - Pimville Library Soccer
Language - Sesotho (South Africa)
Level - First paragraphs