Sefate sa kgotso
Mpumelelo Mlangeni
Mpumelelo Mlangeni

Ho ne ho ena le ngwanana ya bitswang Ayanda.

E ne e le yena ngwana feela a le mong habo.

Batswadi ba hae ba ne ba batla ho arohana.

1

Ayanda a nka qeto ya ho baleha lapeng labo.

A balehela morung hobane ho ne se nqenngwe moo a neng a ka yang teng.

2

Morung moo, Ayanda a lelekiswa ke phiri. A matha a palama hodima sefate.

Phiri ya leka ho mo loma empa a palamela hodimodimo sefateng.

3

Ha a le hodimodimo sefateng, Ayanda a bona letsatsi le letle.

A ikutlwa a rata letsatsi leo, yaba o se a dula morung moo.

4

Ayanda a palama sefate letsatsi le leng le le leng ho ya qoqa le letsatsi.

Letsatsi la eba leloko la lapa la hae.

5

Tsatsi le leng Ayanda a bona monna a shebile hodimo sefateng.

Monna enwa e ne e le ntatae.

Ayanda a theoha sefateng. Ntatae a hlalosa hore hobaneng a le moo.

6

Ntatae a re, "Pele o hlaha nna le mmao re ne re kopanela mona. Ke sebaka se ikgethileng."

"Jwale ke palama sefate sena ho phaphatha kgotso ha nna le mmao re qabana." Ho rialo ntata Ayanda.

7

Kamora nakwana, mmaya Ayanda a tla morung.

O ne a tlilo phaphatha kgotso pakeng tsa hae le ntata Ayanda.

Sena e ne e le sefate sa bona sa kgotso.

8
You are free to download, copy, translate or adapt this story and use the illustrations as long as you attribute in the following way:
Sefate sa kgotso
Author - Mpumelelo Mlangeni, Tshiamo Msimanga, Tumi Mofokane
Translation - Maria Vaz
Illustration - Mpumelelo Mlangeni, Tshiamo Msimanga, Tumi Mofokane
Language - Sesotho (South Africa)
Level - First paragraphs