Aubuti wa ka o ne a tla a tlilo mpatla.
1, 2, 3, 4, 5, 6, 7, 8, 9, 10, 11, 12… …92, 93, 94, 95, 96, 100!
Ke ne ke ipatile kamora kgaretene.
O ile a mpatla hohle ho potoloha ntlo, empa a se ke a mphumana.
A kena ka kamoreng eo ke neng ke ipatile ka ho yona.
Ke ne ke thotse tu! Mme ke sa sisinyehe. Ke ile ke nahana, "O tlilo mphumana."
Empa ha a ka ba a mpona, yaba o tswela kantle.
Ka tswa ke matha! Ka hweletsa ka re, "Ha o a mphumana!" "Kahoo ke hlotse!"