Diphoofolo tseo re di boneng
Penuel K
Penuel K

Lena ke lelapa leso.

Malome, motswala, mme, dikgaitsedi tsa ka tse pedi tse ratang ho apara ka ho tshwana, moenaka le nna!

1

Ke lelapa leso lena ka beseng re leetong ho ya serapeng sa diphoofolo.

Ho ne ho ena le mmangwane, mme, moenaka le dikgaitsedi tsa ka tse pedi tse ratang ho apara ka ho tshwana, le nna!

2

Re bone diphoofolo re ntse re le ka beseng.

3

Ra bone thutlo.

4

Ra bone tshepe.

5

Re bone tau e tshehadi.

6

Ra bone tlou.

Re ile ra tsheha tlou haholo hobane…

7

...e ile ya ithusetsa sefateng!

8
You are free to download, copy, translate or adapt this story and use the illustrations as long as you attribute in the following way:
Diphoofolo tseo re di boneng
Author - Penuel K
Translation - Maria Vaz
Illustration - Penuel K
Language - Sesotho (South Africa)
Level - First paragraphs