

Kgalekgale motsaneng o bitswang Nyamani, ho ne ho ena le monna ya bitswang Kiundu.
Kiundu o ne a rata dijo haholo. Ntho eo a neng a e rata ka ho fetisisa e ne e le nama.
Ka tsatsi le leng morena wa motse a memela batho ba motse kaofela lenyalong la mora hae.
Kiundu a itukisetsa ho ya lenyalong lena. Jwale Kiundu a utlwa batho ba bua ka mokete o mong wa lenyalo.
O ne o le motsaneng o mong o bitswang Katumbi. "Mekete e mmedi ka tsatsi le le leng! Ke sa tla ja," ho nahana Kiundu.
"Ke tlamehile ho ya meketeng ena e mmedi, ke tla ya Katumbi pele ebe ke kgutlela mona Nyamani," ho nahana Kiundu.
Kiundu a tsoha hoseng ka matjeke a ya motsaneng wa Katumbi. Ha a fihla, a bona hore batho ba phehang ba ntse ba lokisa dijo.
Kiundu a nka qeto ya hore o tla kgutlela Nyamani ebe o boela Katumbi ha mma morao.
Kiundu a kgutlela Nyamani a tshepile hore o tla fumana nama e se e lokile.
O ne a se a lapile haholo jwale, empa ha a fihla moo, batho ba ne ba ntse ba pheha le teng, mme dijo di so butswe.
"Ha ke ne ke tloha Katumbi e ne e le hona ba qalang ho pheha. Dijo di tlameha hore e be di butswitse jwale."
Kiundu a kgutlela Katumbi. O ne a se lapile hoo aneng a se a thothomela ke tlala.
Eitse ha Kiundu a fihla katumbi, batho ba ne ba se jele.
Ba ne ba se ba fa monyadi le monyaduwa dimpho. Kiundu o ne a sa tlisa mpho, o ne a batla feela ho ja.
Kiundu o ne a hloname feela hobane ha a ka a fumana dijo.
A nka qeto ya ho kgutlela motseng wa Nyamani. O ne a lapile ebile a kgathetse, a tsamaya butle.
Ha a fihla Nyamani, batho ba ne ba se ba jele mme ba bina ba qoqopela.
Eitse ha Kiundu a utlwa hore dijo di fedile le mona Nyamani, a idibana hobane ha a fumana nama meketeng ka bobedi.
Kiundu a kgutlela hae a ntse a lapile.

