Anansi o fa batho dipale
Ghanaian folktale
Wiehan de Jager

Kgalekgale modimo wa lehodimo Nyame o ne a notlelletse dipale tsohle ka hara lebokoso la patsi hodimodimo mahodimong.

Batho lefatsheng ba ne ba se na dipale, mme ba hlorile ke hoo. Ba kopa Anasi sekgo se bohlale ho ba thusa.

1

Anansi a loha thapo e telele e mamarelang. A palama thapo ena a ya hodimo lehodimong.

"Ke kopa dipale hle," a kopa modimo wa lehodimo, empa Nyame a tsheha Anansi a re, "Dipale tsena di theko e phahameng haholo, o ke ke wa kgona ho di lefella sekgonyana ke wena."

2

"Di bitsa bokae dipale tseo?" ho botsa Anansi.

"O tla lokela ho ntlisetsa diphoofolo tse tharo tse sa tlwaelehang, tse bohale," ho rialo Nyame. "Ntlisetse lengau le meno a bohale jwaloka disabole, kokonyana e fofang e hlabang batho, le noha e kwenyang batho ba felletse."

A tsheha, a nahana hore dipale tsa hae di bolokehile.

3

Jwale Anansi a theohela fatshe ka thapo ya hae e mamarelang ho kgutlela lefatsheng. A nahana a nahanisisa, yaba o tla le leqheka.

A epa mokoti o tebileng, a o kwahela ka makala hore o patehe, mme a ya hae ho ya ja dijo tsa mantsiboya. Hoseng ho ne ho ena le lengau le wetseng ka mokoting. Le ne le ngwapangwapa ka matla le leka ho tswa ka mokoting.

4

"E re ke o thuse motswalle wa ka!" ho rialo Anansi.

"Robala feela mona hodima dithupa ke tla o hula." Anansi a loha thapo ya hae e mamarelang ya thatela nkwe le dithupa, ya e hulela lehodimong ho ya e bontsha modimo wa lehodimo. Nyame a tsheha feela a re, "Di kae tse ding tse pedi?"

5

Anansi a kgutlela lefatsheng ho ya nka phoofolo ya bobedi. A nahana a nahanisisa, mme a tla le leqheka.

A nka nkgo e tletseng metsi a ya sefateng se dulang dikokonyana tsa mefutafuta. A nka metsi a ya sehlaheng seo di dulang ho sona. A hasa metsi sehlaheng kaofela. Ha a qeta a seha lekala la sefate sa panana a e tshwarela ka hodima hlooho ya hae, yaba o itshela ka metsi ohle a setseng.

6

A bitsa dikokonyana a re, "Dikokoyana! Tlohong le tlo bona! Pula e a na! Phakisang le kene ka hara nkgo ena yaka e tla le boloka le omme kaofela ha lona."

Dikokonyana di ne di sa rate ho ba metsi, yaba di kena hara nkgo ya Anansi.

7

Anansi a phakisa a loha thapo ya sekgo molomong wa nkgo hore dikokonyana di se kgone ho tswa.

A di isa lehodimong a ya di bontsha modimo wa lehodimo, empa Nyame a re feela, "E kae ya ho qetela?" (O ne a se a sa tshehe jwaloka pele jwale).

8

Jwale Anansi a boela a kgutlela lefatsheng hape. A nahana a nahanisisa, empa o ne a sa kgone ho tla le leqheka, yaba o botsa mosadi wa hae ya ileng a tla le leqheka le letle.

Ba ile ba fumana lekala le letenya le lelelele le difate tsa morara tse tiileng. Ha ba fihla molapong oo noha e dulang ho ona, ba qala ho qabana. "Lekala lena le lelelele!" "Tjhe ha le lelelele! "Ee le lelelele!"

9

E se kgale noha ya tswa, ya botsa hore ekaba ba qabanelang, "Ha re utlwane le mosadi wa ka," ho bolela Anansi. "O re thupa ena e telele ho o feta, empa ha ke dumele."

"Lejwale ke motelele ho feta thupa eo!" ho rialo noha. "Ke mo telele haholo! Ke noha e kgolohadi! A ko behe thupa ya hao pela ka o mmethe!"

10

Jwale Anansi a etsa seo, a tlamella noha thupeng ka sefate sa morara hore e tsepame. Eitse ha a se e tlamelletswe, Anansi a isa noha ho Nyame.

11

Nyame o ile a dumela hore Anansi o phethisitse tsohle tseo a neng a lokela ho di phethisa. A ya lebokosong la hae la patsi a bula sekwahelo mme a fa Anansi dipale tsohle.

Anansi a isa dipale bathong a le motlotlo. A di bolella mosadi wa hae le diphoofolo tse ding le batho. Dipale di etseditswe ho qoqwa, e seng ho bolokwa ka lebokosong la patsi.

12
You are free to download, copy, translate or adapt this story and use the illustrations as long as you attribute in the following way:
Anansi o fa batho dipale
Author - Ghanaian folktale
Translation - Maria Vaz
Illustration - Wiehan de Jager
Language - Sesotho (South Africa)
Level - Longer paragraphs