

Kgalekgale ho ne ho ena le ngwananyana ya bitswang Tselane. Tselane o ne a dula le batswadi ba hae ka thabo motsaneng a neng a o rata ka pelo ya hae yohle. Eitse hoba ntatae a hlokahale, Tselane le mmae ba tlameha ho fallela sebakeng se seng se se tjha ho ya qala bophelo bo botjha teng.
Tselane ha a ka a dumellana le sena, mme a lla ha bohloko ha a nahana ho tlohela motsana wa habo a neng a o rata. MmaTselane o ile a utlwa bohloko ho bona moradiae a lla ha bohloko tjena.
O ne a batla ho dumela hore Tselane a sale, empa o ne a tshaba ho mo siya motsaneng ona hobane ho ne ho ena le madimo a neng a dula mahaheng a haufi le ona. Empa Tselane a se kgitla sello ho fihlela mmae a dumela hore a ka sala.
Mma Tselane a re o tla mo tlisetsa dijo kamehla mme ha a fihla o tla bina pina hore Tselane a tsebe hore ke yena.
A bina a re, "Tselane ngwanaka! Tselane ngwanaka! Tlo nke bohobe o je! Tlo nke bohobe o je." A mo laela hore a se bulele mang kapa mang.
Hoseng mma Tselane a tlisa dijo, a bina pina ya bona e ikgethileng.
Tselane a bula monyako a nka dijo tsa mmae tse hlabosang, mme mmae a mo suna a kgutlela ntlong ya hae e ntjha.
Le leng la madimo a sebaka seo, le ne le ipata dihlahleng le mamela Tselane le mmae.
Bosiung boo, ha Tselane a qeta ho tima lebone a ilo robala, a utlwa lentswe le letenya kantle ho monyako le bina pina ya bona e ikgethileng le re, "Tselane ngwanaka! Tselane ngwanaka! Tlo nke bohobe o je! Tlo nke bohobe o je!" Yaba Tselane o araba o re, "Tsamayaela kwana ha o mme, o ledimo!"
Ledimo la kgutlela lehaheng le swabile. Mme wa Tselane o ne a tlisa dijo tsatsi le leng le le leng hoseng le mantsiboya.
Ledimo le lona le ne le tla kamehla hoseng le mantsiboya empa Tselane o ne a le tebela hobane o ne a utlwa lentswe la lona le letenya le bina pina ya mmae.
Tsatsi le leng ledimo la ba le mohopolo, "Nka fetola lentswe la ka hore le Tshwane le la mme wa Tselane."
La besa mollo la lahlela lejwe hara ona. Ha lejwe le se le tjhesa le le lefubedu la le ntsha mollong la le kwenya. Lejwe la tjhesa kgokgotho ya ledimo.
Kamora hoba le kwenye lejwe, ledimo la bina, la tlolatlola ka thabo ha e elellwa hore lentswe la lona le se le le phefa jwaloka la mme wa Tselane.
Tsatsi le latelang ledimo la ya habo Tselane, ha le fihla monyako la bina la re, "Tselane ngwanaka! Tselane ngwanaka! Tlo nke bohobe o je! Tlo nke bohobe o je!"
Tselane o ne a thabile ho utlwa lentswe la mmae. A bula monyako yaba ledimo le itahlela ka hare.
O ile a leka ho kwala lemati empa ledimo la mo hlola ka matla, la nka Tselane la mo lahlela ka mokotlaneng wa lona.
"Aa! Tsatsi le monate!" ke ledimo leo. "Ha ke ne ke ena le jwala, bo ne bo tla theohela ha monate le dijo tsa ka tsa mantsiboya kajeno."
Hoseng hoo, mma Tselane a fihla a mo tliseditse dijo jwaloka ka kamehla. A bina pina ya bona e ikgethileng empa Tselane ha a ka a tla ho bula monyako. A bina hape empa Tselane ha a bula.
Kamora hoba a bine kgetlo la boraro ho se nko e tswang lemina, a raha lemati la buleha. Tselane o na seyo ka tlung, yaba mmae o ellelwa hore o nkilwe ke ledimo mme a loha leqheka.
A ritela jwala mme a bo tshela ka hara nkgo e kgolo, a e rwala mme a ya mahaheng. "Dumela ledimo," mma Tselane a dumedisa. Ledimo la utlwa monko wa jwala la bula monyako kapele.
Mma Tselane a re, "Ke ne ke feta ke ya moketeng motsaneng o mong, yaba ka utlwa o bina ha monate ka re e re nke ke hlodise."
"E re ke o tshelle jwalanyana pele ke tswela pele ka leeto la ka." Ledimo la thaba mme la nka monyetla ona.
La memela mma Tselane ka lehaheng. Ledimo la metsa jwala boo hanghang. Mma Tselane a nna a tswela pele ho mo tshella ho fihlela jwala bohle bo fela. Ledimo la tahwa yaba le a kgaleha.
Eitse ha mma Tselane a utlwa ledimo le kgona, a bula mokotlana o neng o dutse kamoo ka lehaheng, Tselane a tlola a tswa ka mokotlaneng mme ba matha ba ya hae.
Ho tloha mohlang oo, tselane a ya dula le mme wa hae motsaneng o motjha, mme ba dula ka lethabo hobane ba ne ba sa kgathatswe ke madimo moo.

