

Mme o kopa Mojalefa hore a ye lebenkeleng. "E ya lebenkeleng la ntate Ramosebetsi o ilo reka nama ya kgoho eo re tla e ja bosiung bona."
Yaba o mo fa R50. Mojalefa a e kenya ka mokotlaneng wa borikgwe ba hae.
Tseleng a fapohela ha mme Malekau, a feta tshimong ya ntate Pitso, a ya ha mme Mampho ya neng a ntse a hlatswa diphahlo tsa hae lebaleng.
Ho ya ha ntate Ramosebetsi e ne ele tsela e telele haholo. Mojalefa o ne a tsamaya butle haholo.
A kenya letsoho hara motlana wa hae, mme R50 e ne e ntse e le teng ka mokotlaneng.
Empa ho ne ho na le ho hong ka mokotlaneng wa hae. E ne e le pompong. Mojalefa a re, "Mmm, pompong ena e tla nthusa ho tsamaya tsela ena e telele."
A akgela pompong ka lehanong, "Mmm, pompong ena e monate."
A phakisa a fihla lebenkeleng la ntate Ramosebetsi a nka nama ya kgoho ho ya e patalla.
Eitse ha a kenya letsoho ka mokotlaneng, a fumana R50 e seyo.
A sheba ka mokotlaneng o mong R50 ya re, "O mpeile kae?"
Mojalefa a ferekana haholo, a tswa ka lebenkeleng a matha. O ne a sa tsebe hore a etse jwang.
A tlameha hore a kgutlele hae a sa tshwara kgoho, a tseba feela hore mmae o tlo halefa.
A kgutlela hae a tsamaya butle, a shebile fatshe, a bona mme Mampho. O ne a ntse a hlatswa diphahlo tsa hae.
Mme Mampho a mmotsa a re, "Hobaneng o shebahala o hloname tjee Mojalefa?"
"Ke lahlehetswe ke tjhelete eo mme a neng a nthomme ka yona, mme ke a tseba hore mme o tlo halefa."
"Ha o ka shebisisa hantle, ke a kgolwa hore o ka e fumana," ke mme Mampho eo.
Mojalefa a tsamayatsamaya hape. A shebasheba jwanng, yaba o bona pampitshana e mmala o pinki. Eitse ha a e shebisisa a fumana e le yona R50 eo a neng a ntse a e batla.
A e thonaka yaba o a hweletsa o re, "Mme Mampho, ke e fumane!"
A matha a kgutlela lebenkeleng la ntate Ramosebetsi. O ne a thabile haholo, a reka kgoho eo mmae a neng a mo romme yona.
Ha o ne o le Mojalefa o ne o tla ikutlwang jwang ka ho lahla tjhelete, ebe o boela o a e fumana?

