Peo ya Thoko ya Fantaphaene
Khothatso Ranoosi
Paleng Children’s Centre

Ho tsohile ho futhumetse motsaneng wa Malealea tsatsing leo. Thoko o ne a dutse kariking ya ntatae. Kariki e ne e tletse poone, le bana ba bangata.

Ba ne ba ya hae kamora ho qeta letsheare ba sebetsa masimong.

1

Thoko O ne a sebetsa ka thata ho feta bana ba bang, mme o ne a le lehlohonolo haholo hobane ntatae o ne a kgona ho mo etsatsa dintho tseo bana ba bang ba sa di fumaneng habo bona.

Ntate wa Thoko o ile a mo rekela senwamaphodi sa Fanthaphaene lebenkeleng la mme Pontsho. "Mmm, mmm" e monate," ke Thoko eo. E ne e le senwamaphodi seo a se ratang ka ho fetisisa.

2

A e habola butle. O ne a batla hore a be a fihle lerallaneng a ntse a enwa. Ha kariki e fihla hodima leralla, ntata Thoko a emisa karirki hore dikgomo di phomole.

"A ke le shebeng botle ba kgohlo eo re dulang ho yona," ho rialo ntate. Re lehlohonolo ho dula sebakeng se makgethe, se hlwekileng. A bososela mme ba tswela pele ka leeto la bona.

3

Letsatsi le ne le futhumetse, kariki e ntse e ya kwana le kwana ha dikgomo di ntse di e hula. Bana ba bona ba ne ba ntse ba qoqa kamorao.

Thoko o ne tshwarwa ke boroko, o ne a batla ho paqama hodima poone a robale hanyenyane. O ile a sheba lethini la Fanthaphaene leo a neng a le tshwere mme a nahana, "ke kgathetse ke ho tshwara lethini lena, ebe nka etsang ka lona?"

4

A nahana motsotswana, yaba o furuletsa lethini la Fanthaphaene hole kwana tshimong.

5

Wiiiiiiii! Lethini la wela ka nqane ho tshimo. Paqa! fatshe, bana ba tsheha, "Hei Thoko o tseba ho akgela. Sheba o lahletse lethini la Fantaphaene hole jwang!"

6

Ntata Thoko a hetla, mme a emisa kariki. "Ke eng seo o se lahletseng tshimong yaka?" a mmotsa. "Ke lethini la Fantahapahene ntate," Thoko a araba.

"Hobaneng o etsa jwalo?" ke ntate eo. Ke ne ke se ke kgathetse ho le tshwara, le ne le etsa menwana yaka e kgomarele. Thoko o bolella ntatae.

7

"A ko mpolelle, a na ke lema diFanthaphaene tshimong yaka?" Bana ba keketeha, "Hahaha!" "Tjhe ntate!"

"O kile wa bona diFantaphaene di hola difateng ka hlabula?" "Hahaha!" bana ba ne shwele ke ditsheho kamorao kariking. "Tjhe ntate ha ke soka."

8

"O kile wa re bona re kotula Fanthapaene mariha?" Bana ba tswela pele ba tsheha, "Hihihi! hahaha!" "Tjhe ntate ha re soka," Thoko a araba.

"O kile wa bona re isa mathini a Fanthaphaene kariking ena yaka?" ntate a tswela pele. "Ho hang ntate, ha ke so bone," Thoko a araba.

"O kile wa bona re isa mathini a Fanthaphaene kariking ena yaka?" ntate a tswela pele. "Ho hang ntate, ha ke so bone," Thoko a araba.

9

Na mmao o sila mathini a Fantaphaene ho etsa motoho wa mabele Thoko? Bana ba ne ba tsheha hoo ba neng ba se ba tswa meokgo ke setsheho.

Thoko a bona hore seo a se entseng ha se a thabisa ntatae. "Tjhe ntate."

10

"Nkarabe Thoko, ke lemang tshimong ya ka?" "O lema koro le mabele ntate."

"O nepile. Jwale ke a ipotsa hobaneng mora ka a lema mathini a Fanthaphene tshimong ya ka empa a tseba hore ke lema koro le mabele."

11

Bana ba kgaotsa ho tsheha. Ha thola ka kariking. Thoko a sheba ntatae.

Ntatae o ne a sosobantse sefahleho, mme a re ho yena, "Theoha hona jwale o ilo batla lethini leo la Fanthaphaene o tle le lona mona hona jwale." A buela hodimo ka lentswe le letenya.

12

Thoko o ne a swabile, a theoha kariking a ya tshimong. A sheba lethini la Fanthaphaene a ba a le fumana le dutse mane le benya letsatsing.

Eitse ha a re o a le thonaka, a bona polasitiki pela lona, a ema a nahana ka polasitiki ena. A ya a e thonaka le yona yaba o kgutlela kariking.

13

Ntatae o ne a mo emetse. "O tshwereng moo?" a mmotsa. "Ke tshwere lethini la ka la Fanthaphaene le mokotlana wa polasitiki. Ke hopotse hore ntate o lema koro le mabele feela, ha a leme mathini a Fanthaphaene, le mekotlana ya polasitiki tshimong ya hae."

14

"Ke motlotlo ka wena mora ka," ke ntata Thoko eo. "Ha re yeng tshimong kaofela he, mohlomong re tla fumana mathini, mekotlana ya dipolasitiki le ntho tse ding tseo re sa di lemeng." "Ee, ke mohopolo o motle oo ntate." Thoko a araba.

15

Bana ba opa diatla, ba theoha kariking mme ba mathela tshimong. Ba ile ba fumana mekotlana ya polasitiki, mathini le mabokoso, "Hona ha ho a tlameha ho lengwa tshimong." Ha ba kgutlela kariking ba ne ba tshwere matlakala a mangata.

16

"A kenyeng ka mona kaofela ha ona," ke ntate eo. "Re tla a isa hae re ilo a tjhesa. Ha re batle matlakala tshimong. Ha di a lokela mobu."

"Ee! Ee!" bana ba hweletsa mme ba kgutlela kariking.

17

Ntata Thoko a letsa molodi, dikgomo tsa tsamaya. Ntata Thoko a mmotsa a re, "Thoko, na o nahana hore tshimo e Thabile jwale?"

"Ee! ntate, le nna ke thabile, a tjho jwalo a ntse a bososela."

18
You are free to download, copy, translate or adapt this story and use the illustrations as long as you attribute in the following way:
Peo ya Thoko ya Fantaphaene
Author - Khothatso Ranoosi, Marion Drew
Translation - Maria Vaz
Illustration - Paleng Children’s Centre
Language - Sesotho (South Africa)
Level - Read aloud