

Naheng ya Gabon kwana ho ne ho na le motsana pela moru o difate.
Morung ona ho ne ho ena le sefate se seholo. Sefateng seo, ho ne ho dula nonyana e ikgethileng. E ne e le nonyana ya pula.
Ka dilemolemo batho ba motsana oo ba ne hlokomela nonyana ena ba e thabisa.
Beke le beke bane ba etlisetsa dijo tse monate, ba di bea tlasa sefate. Ba ne ba e letsetsa mmino o monate ka lesiba.
Ha ba ne ba e tliseditse dijo, e ne e theoha sefateng e ilo ja mme e nwe le metsi. Ha e kgotsofetse, e ne e bina ha monate mme e ikotlolle mapheo, ebe pula e qala ho na.
Dimela di ne di hola hantle, mme dijo di le ngata, e le kgora feela.
Ha nako e ntse e tsamaya, dintho tsa fetoha. Batho ba qala ho ba botswa mme ba ne ba bua ba re, "Ha re sa hloka nonyana ya pula hobane dijo ke mantletsetletse motseng wa rona." Ba se hlole ba fepa nonyana ena.
Na o nahana hore e ne e le mohopolo o motle hore ba kgaotse ho fepa nonyana?
Ka mora nako e sa fedisentg pelo, pula ya kgaotsa ho na, dijo tsa fela yaba batho ba qala ho tlalatlala le lefatshe ho ya batla tjhelete ya dijo. Ba ne ba lebetse ka nonyana ya pula. Ba nne ba tswela pele ho se e fepe.
Tsatsi le leng ha tsoha ho tjhesa haholo. Ngwananyana ya bitswang Palesa, ya neng a etswa sekolong a ya morung wa difate ho ya iphodisa. A fihla a dula tlasa sefate se seholo sa nonyana ya pula, yaba o re, "Ke hopola nakong tseo ke neng ke ntla le nkgono mona, ho tla fepa nonyana ya pula."
A ntsha bohobe ba hae ka lebokosaneng la dijo a bo beha tlasa sefate. A bina pina ya kgale eo nkgono a neng a mo rutile yona.
Eitse ha e utlwa pina ena, nonyana e ntle e mmala o botala ba lehodimo ya tswa ya fofela moo Palesa a beileng bohobe teng mme ya qala ho ja. Ha e qetile ho ja, Palesa a bina pina ka lentswe le phefa yaba nonyana e phahamisa mapheo a yona mme Palesa a qala ho utlwa lehadima.
Ka nako eo a fihlang hae, pula e ne e se e na ka matla mme e phodisa motjheso o neng o aparetse naha.
Palesa o ne a thabile haholo ha pula ena. A fihla a qoqela batswadi ba hae ka se etsahetseng. Ba ile ba re ho yena, "Oho hle Palesa! o sa kgolwa hore nonyana eo e nesa pula?" Ntatae a re, "Jwale komello e fedile, o se hlole o ilo fepa nonyana eo e meharo."
Le ha Palesa a sa ka a phehisana le batswadi ba hae, o ne a nahana hore ba fositse. "Ha nkgono a ne a sa le teng, o ne a tla nkgolwa," empa nkgono o ne a se a iketse boyabatho, mme Palesa o ne a se a setse feela ka seletswa sa menwana sa hae.
Beke tse pedi tsa fela pula e sa ne. Dimela tsa omella mme diphoofolo tsa ota nama tsa tswa masapong.
Letsatsi le ne tjhesa ka tsela e makatsang. Yaba Palesa o re, "Ha ke kgathale hore ba reng, re hloka pula, mme hosane ke ilo fepa nonyana hape."
Tsatsi le hlahlamang hoseng ka matjeke, Palesa a nka bohobe le morara ka kitjhining mme a ya morung.
O ne a sa hlokomele hore ntatae o ne a se a tsohile. Ntata Palesa a elellwa hore moradiae o ilo fepa nonyana ya pula hape.
"Ngwana enwa ke tla mmontsha hore ke mang." Ke ntata Palesa eo. O ne a halefile hore moradiae ha a mo mamele. A nka seqha sa hae mme a latela Palesa. Eitse fela ha nonyana e fofela fatshe ho tla ja, a e hlaba ka motsu mme nonyana ya lla ha bohloko.
Palesa o ne a sa tsebe hore a etseng, eitse ha a retoloha a bona ntatae a rapalletse fatshe, a se a hlokahetse. Ka nako yona eo, motsu o neng o hlabile nonyana ya pula wa wela fatshe o sa e lematsa ho hang. Ya fofela lekaleng le hodimodimo la sefate.
Ha Palesa a tswa morung ka lebelo le leholo, a makatswa le ho tshoswa ke ho bona masisapelo a jwalo. Diphoofolo le batho ba ne ba rapalletse fatshe ba se ba sa phele. O kgutletse hae pelo ya hae e betsa kapele ke letswalo.
A phakisa a fumana seletswa sa nkgono sa menwana. A nahana hore e-nngwe feela tsela ya ho thabisa nonyana ya pula hape e neng e halefile haholo.
Kamora halofo ya hora, Palesa o ne a se a le tlasa sefate se seholo. O ne a fufuletswe ebile a hemela hodimo. Pejana mane ntatae o ne a rapalletse a se a ile boyabatho.
Palesa a sheba ka lehlakoreng, mme a bapala mmino ka seletswa sa menwana sa nkgono a ntse qhaqhasela. A bapala hoo menwana ya hae e neng e se e le bohloko.
Qetellong, ha etsahala se a neng a se labalabela ka ho fetisisa. Nonyana ya theohela fatshe e ka ha ho letho le etsahetseng. Ya fihla ya ja morara o neng o ntse o le fatshe moo mme ya binabina.
Ha Palesa a ntse a bapabapala seletswa sa nenwana, ya phahamisa mapheo a yona. Palesa a utlwa leratanyana kamora hae.
"Jo! ntate o tsohile." Ke Palesa eo a thabile.
"Ke kopa tshwarelo hle nonyana ya pula, ntshwarele," ntata Palesa a rialo ho nonyana ya pula. A tshwara moradiae ka letsoho mme ba tsamaya butle ho kgutlela hae.
Motsaneng wa bona, batho bohle le diphoofolo di ne di se di phela hape.
Bosiung boo batho ba motse ba tshwara kopano mme bohle ba dumellana hore ba ithutile thuto ya bohlokwa.
Ho tloha mohlang oo, beke enngwe le enngwe ba ne ba nka leeto ho ya morung ho ya fepa nonyana mme e ba tlisetsa pula.


