

Ho ne o na le lelapa le neng le dula motsaneng o mong. Lelapa lena le ne le na le bana ba bararo mabitso a bona e le Thabo, Lerato le lesea Tshepo. Hoseng ho hong le ho hong, batswadi ba bona ba ne ba tsohella ho ya sebetsa masimong. Ba ne ba siya lesea le Thabo le Lerato hore ba le hlokomele.
Thabo le Lerato ba ne ba rata ho bapalla kantle. Ka tsatsi le leng ba ile ba bitsa metswalle ya bona ho bapala. Bashanyana ba ne ba bapala bolo ya maoto, ha banana ba ne ba bapala ka dipopo. Tsatsing leo, ba bapatse ha monate hoo ba ileng ba lebala mosebetsi wa bona wa ho hlokomela lesea.Tshepo o ne a lla ka tlung empa ho se ya mo utlwang hobane Thabo le Lerato ba ne ba duletse papadi.
Ka tsatsi le leng, Thabo le Lerato ba bea lesea tlasa moriti wa sefate hodima kobo e kgubedu ba ya bapala. Ka mora nakwana Tshepo a qala ho lla, yaba ho fihla dinonyana tse ngata tse bitswang Mekotatsie di fofela pela sefate seo Tshepo a neng a dudisitswe tlasa sona. Tsa leka ho hlokomedisa bana hore lesea le a lla, empa ba nna ba ipapalla. Mekotatsie ya nka qeto ya hore e tla nka lesea e ikgodisetse lona.
Mekotatsie ya lata lesea tlasa sefate. E mene ya tshwara kgutlo kang ya kobo, ya kuka lesea ya fofela hodimodimo. Thabo le Lerato ha ba ka ba bona letho hobane ba ne ba ntse ba bapala. Batswadi bona bane ba sebetsa ka thata letsatsing le neng le bataola.
Tsatsing leo, ho ne ho tjhesa hoo mmaThabo a ileng a nka qeto ya hore a mpe a phomole ha nyenyane tlasa sefate. Ha a ntse a phomotse jwalo, a utlwa lesea la hae le lla. A shebasheba mahlakoreng ohle empa a se bone letho. Yaba o sheba hodimo a bona mekotatsie e mene e fofa le lesea ka kobo ya lona e kgubedu. A hweletsa a ntse a matha kamora mekotatsie. Ha mme a bolella ntate seo a se boneng, ha a ka a kgolwa.
Mekotatsie ya pata lesea mohlakeng ho le sireletsa. E ne e batla lelapa le letjha le neng le ka kgona ho hlokomela lesea hantle. E ile ya fepa lesea, ya le robatsa, yaba e ilo batla dijo tse ding. Lesea la robala nako e telele le sa lle, empa eitse ha le tsoha, la lla hobane le ne le lapile.
Senqanqane se seholo sa utlwa hore ho na le ngwana ya llang. Sa atamela pela moo Tshepo a neng a robaditswe teng, mme sa bona lesea le phuthetswe ka kobo. Senqanqane se ne se nahana hore mekotatsie e utswitse lesea mme la le pata. Ka mora nakwana, senqanqane sa utlwa medumo ya mekotatsie, mme sa nahana hore nako ya ho ipata ha e sa leyo. Sa kwenya lesea ka pejana mme sa ipata kamora lefika le leholo. Ha mekotatsie e fihla ya fumana lesea le le siyo mme ya fofa ho ya le batla. Senqanqane sa kgutlela moo se fumaneng lesea teng.
Mantsiboyeng ao, lelapa la ha boThabo le Lerato le ne le hloname haholo hobane lesea le ne le seyo ka tlung. Ba sa hloname jwalo, senqanqane se seholo sa tlola se kena monyako. Sa ba bolella kamoo se kwentseng lesea ka teng, mme ba se kopa hore se ba fe lesea la bona. "Mpheng ditshintshi tse tharo hore ke dije mme ke tla le fa lesea la lona," ho bolela senqanqane. Ntata lesea a tshwara ditshintshi tse tharo ho di fa senqanqane hore se je. Senqanqane sa hohlola sa ntsha lesea. Balelapa le senqanqane ba tlolatlola le ho tantsha ka nyakallo ho bona lesea hape.

