Neo o palame baesekele le fariki ya hae.
A thula lejwe tseleng, fariki ya wela kwana, ya lla ya re, "Hoooi! hoooi!"
Tsotang a bona fariki ya Neo e ntse e solla, yaba o a ipotsa o re, "Ebe fariki ee ke ya mang?"
A e lelekisa a ba a e tshwara.
A nka fariki a e isa moreneng. Morena a mmolella hore a e boloke.
Neo a utlwa sello, "Hmmm, hmmm, hmmm!"
A potela a ya sheba kamora ntlo, a thaba haholo ha a bona fariki ya hae.
Neo a bua le fariki ya hae a re, "Ha re ye, re ke ke ra hlola re palama baesekele hape."