Mokopu wa mme Maneo
Marion Drew
Marion Drew

Ka tsatsi le leng mme Maneo o ile jala mokopu jareteng ya hae.

Mokopu wa hola wa e ba moholoholo, wa kwala tsela e yang tshimong.

1

Mme Maneo o ne batla ho tlosa mokopu ona tseleng, yaba o kopa moahisane wa hae mme Mapalesa ho tla thusa ho tlosa mokopu tseleng.

Basadi ba ba babedi ba sututsa, ba sututsa, empa mokopu wa hana ho sutha.

2

Ba ya ho mme Masello ba mo kopa ba re, "Re kopa thuso hore re tlose mokopu wa mme Maneo tseleng." Mme Masello a tla ba thusa.

Basadi ba bararo ba sututsa ba ba sututsa, feela mokopu wa se tlohe moo o neng o le teng. "Jwale ha ke sa tseba hore ke etseng," ho bolela Maneo.

3

Tshimong eo ya mme Maneo, ho ne ho na le seboko se lapileng. Seboko sena sa leka ho ja mokopu se ntse se o punya hanyane hanyane.

Mokopu wa re, "Emisa ho ntja." Empa seboko se senyenyane sa tswela pele ho ja mokopu.

4

"A ko emise ho ntja!" ke mokopu oo, "o a ntsikinyetsa. Emisa hle! Ha ke rate ho tsikinyetswa."

Mokopu wa qala ho pitika wa ya ema kwana tlase lerallaneng pela noka.

5

Wa ema pela tlase kwana naheng. Badisana ba babedi ba mokopu, mme ba ipotsa hore ekaba ba ka mokopu ona o moholo hakale. "Ha re o je, o shebahala o hlabosa."

6

Ba nka lejwe le leholo ba leka ho o tjhwatla hore o bulehe.

7

"Tjhe boo! Se keng la nkotla ka lejwe," Mokopu wa lla.

Ba disana ba tjhetjhela morao ke letosalo. Mokopu wa phatloha.

8

Ka hara mokopu ha hlaha moloi ya neng a ena le letsoho le leoto le le leng. O ne a tshoha, mme a bua ka lentswe le letenya a re, "Se ka mpherekanyang, ke mokopu wa morena."

Mokopu wa ikwahela hape. Badisana ba ne ba tshohile haholo ho bona sena.

9

Ba mathela hae ho ya bollela batswadi ba bona seo ba se boneng.

Batswadi ba re ho bona, "Le lehlohonolo ha ka kang! ha le so utlwele ka moloi wa mokopu? Ke mokopu o kgethehileng," batswadi ba ba bolella. "Le o tloheleng o le jwalo mokopu oo."

10

"Lehlabuleng le hlahlamang o tla buleha hape mme moloi a hase peo tsa mokopu motsaneng wa rona le emeng e re potapotileng."

"Re tla ba le mekopu e mengata eo re tlang ho eja," batswadi ba hlalosa.

11

Lehlabuleng le tlang, mokopu wa mme Maneo wa qhoma, wa tjhwatleha. O ne o ena le dipeo tse ngatangata.

12

Moloi wa mokopu a tswa ka hara mokopu.

A qhoma ka leoto la hae, ka leihlo le le leng la hae a sheba metse yohle, mme ka letsoho la hae le le leng a hasa peo metseng yohle e neng e le kgohlong.

13

Dipeo tsa fetoha mekopu e metenya ditshimong tsohle tsa metsana ya kgohlong.

Mariheng ao, malapa ohle a ne a na le mokopu o mongata ho iphepa. Ba ya ho mme Maneo ba re, "Re a leboha, mokopu wa hao o fepa malapa a rona."

14
You are free to download, copy, translate or adapt this story and use the illustrations as long as you attribute in the following way:
Mokopu wa mme Maneo
Author - Marion Drew
Translation - Maria Vaz
Illustration - Marion Drew
Language - Sesotho (South Africa)
Level - First paragraphs