Lerato, Thabo le kgomo
Matlotlisang Tenane
Marion Drew

Motsaneng o mong ho ne o ena le mohlankana ya bitswang Thabo.

1

Thabo e ne e le motswalle wa Lerato, mme matlo a habo bona a ne a bapile e le baahisane.

2

Ka tsatsi le leng, ba ya sedibeng sa motsaneng wa habo bona.

3

Ha ba fihla sedibeng, ba bona kgomo e bothile haufi le sediba.

Ba dula fatshe ba rera ho ya bapala le yona.

4

Thabo a qala a etsisa modumo wa kgomo ha e lla a re, "Muu, muu, muu," ka lentswe le phefa.

5

A tswella pele ho etsa modumo oo ho fihlela kgomo e hetla e ba sheba.

Hanghang Lerato a shatjwa ke letswalo, mme Thabo a elellwa hore o tshohile.

6

Yaba o re ho Lerato, "Ha re ilo otla kgomo ena, e tla baleha ebe re kgona ho fumana metsi."

Lerato a re, "Ke a tshaba Thabo," a rialo a thothomela.

7

Thabo ya eba yena ya qalang ho tshosa kgomo, mme Lerato a mo latela ka morao a tsamaya butle. Ba leka ho otla kgomo, empa ya se ke ya sisinyeha.

8

Thabo a re ho Lerato, "Wena sala mona, nna ke tla ya lata metsi." Lerato a dumela.

9

Thabo a kga metsi a a tshela nkgong ya pele.

10

Eitse ha a kga nkgo ya bobedi, kgomo ya raoha, ya mo hlaba ka lenaka ya mmeha molaleng wa yona.

11

Thabo a hweletsa a re, "Joo, joo, joo!" Lerato a keketeha ha bona sena.

12

Kgomo yona ke ha e ntse e re feela, "Muu, muu, muu!"

13

Ha a qetile ho tsheha, Lerato a mathela hae ho ya bolella mmaThabo hore Thabo o hlajuwe kgomo.

A fumana mmaThabo a ntse a fiela lebala kantle.

14

"Mme, mme, matha, kgomo e hlabile Thabo ka lenaka!" Lerato o bolella mmaThabo a hemela hodimo.

15

Mme mmaThabo a lahlela lefielo fatshe, yaba o potlakela ho ya thusa Thabo.

Na o nahana hore ho ile ha etsahalang kamora moo?

16
You are free to download, copy, translate or adapt this story and use the illustrations as long as you attribute in the following way:
Lerato, Thabo le kgomo
Author - Matlotlisang Tenane
Translation - Maria Vaz
Illustration - Marion Drew
Language - Sesotho (South Africa)
Level - First paragraphs