

Thamara e ne e le ngwananyana ya dilemo di hlano, ya neng a dula le ba lelapa la hae.
Motsana wa habo o ne o le pela moru o neng o na le diphoofolo tse hlaha.
Thamara e ne e le ngwana ya mamelang batswadi ba hae.
O ne a disa dinku le dipodi tsa habo.
Ha a ntse a disitse diphoofolo, o ne a rata ho mamela dinonyana ha di ntse di bina.
Ha dinonyana di ntse di bina o ne a ikenyetsa mantswe moloding oo.
Thamara one a eso fihle dilemong tsa ho ya sekolong. Baenae Bonolo le Motseki bona ba ne ba se ba kena sekolo.
Ho fihla sekolong sa bona, ba ne ba lokela ho tsamaya dikilomitara tse leshome kaofela.
Bonolo le Motseki ba ne ba ya sekolong le bana ba bang ba motsaneng wa bona hoseng, ba be ba kgutle le bona mantsiboya ha sekolo se tswa.
Ba ne ba nka mabokosana a dijo ha ba eya sekolong.
Ka tsatsi le leng Thamara a botsa mmae, "Nna ke tla ya neng sekolong?"
"O tla ya le wena e se kgale," mme a mo araba.
Tsatsi le leng morena wa motsaneng wa ha habo a fihla ka koloi le mafumahatsana a mabedi.
Morena wa motsana o ne e etsa bonnete ba hore bana ba ya sekolong ka nako e tshwanetseng.
Batho ba ne ba kgolwa hore ha ngwana a kgona ho thetsa tsebe ya letshoho le letona ka letsoho le letshehadi, o se a loketse ho qala sekolo.
Morena a botsa, "O dilemo di kae?" "Ke na le dilemo tse hlano," Thamara a mo araba.
"Ha re bone hore na o se o loketse ho ka qala sekolo." Ho bolela morena.
E mong wa mafumahatsana a tshwara letsoho la Thamara le letshehadi ka hlooko a le beha ka hodima hlooho ya hae.
Thamara a thetsa tsebe ya hae e ka letsohong le letona.
Thamara o ne a tla ya sekolong se fapaneng le seo ho kenang Bonolo le Motseki ho sona.
O ne a tla kena sekolo se setjha se haufi le hae.
Thamara o ne a thabile haholo.
"Jwale ke tla kgona ho bala le ho ngola jwaloka Bonolo le Motseki," ho nahana Thamara.

