

Karabo o ne a rata ho botsa dipotso hobane batswadi ba hae ba ne ba dula ba mmollela hore ha o le ngwana ya sa botseng dipotso, o tla hola o be mme kapa ntate wa sethotho.
Ka tsatsi le leng Karabo a botsa titjhere a re, "Hobaneng hobaneng ha batswadi ba dula ba re bollela hore ba hlatswe matsoho le ha a shebahala a hlwekile."
Baithuti ba bang ba fumana potso ena e le molemo hobane ba ne ba sa rate ho bolellwa hore ba hlatswe matsoho jwaloka Karabo.
Mosuwetsana a re ho Karabo, "Ke potso e ntle eo, le ha matshoho a boheha a hlwekile, a ka jara dikokwanahloko."
A hlalosa hore, "Dikokwanahloko di a kudisa le hore ha re kgone ho di bona ka mahlo a rona a feela, mme ho hlokeha motjhini o hodisang o bitswang maekerosekoupu ho di bona."
Mosuwetsana a ntsha maekorosekoupu ka khabotong mme a re, "Maekerosekoupu ke motjhini o sebediswang ho bona dintho tse nyenyane haholo tse sa bonahaleng ha bobebe ka mahlo a rona a feela."
Mosuwetsana a ngwapangwapa letsoho la Karabo ka thutswana mme a le phumulela kgalaseng ya maekorosekoupu.
Ha a qeta a beha kgalase ena hodima maekorosekoupu mme ba sheba ka sebohi.
Ba bona hore le ha matsoho a Karabo a ne a boheha a hlwekile, a ne jere dikokwanahloko.
Yaba titjhere o hlalosa a re, "Re potapotilwe ke dikokwanahloko hohle, dinthong tseo re di thetsang ka mona ka phaposing, lebaleng la dipapadi le hae."
Mosuwetsana a ba bolella hore dikokwanahloko tsena di ka ba kudisa haholo.
A tswelapele a re ho bona, "Hore re bolaye dikokwanahloko tsena, re lokela ho hlatswa matsoho a rona ka metsi a hlwekileng, haholoholo pele re ja. Hape ho bohlokwa ho hlatswa matsoho ha re kula hore re se ke ra fetisetsa dikokwanahloko bathong ba bang.
Eitse ha Karabo a etswa sekolong a fumana ntatae a etsa sesebediswa se kgahlang. "Ntate e bitswang ntho eo o e etsang?" ho botsa Karabo.
"E bitswa palama o itlhatswe," ho bolela ntatae. "O e sebedisa ho hlatswa matsoho ha o tswa ntlwaneng le pele o ja."
Karabo o ne a maketse mme a bolella ntatae hore titjhere ya bona o ba bolelletse ka sebediswa sena. A botsa ntatae hore se sebediswa jwang.
Ntatae a tsheha a re, "Atamela ke tle ke o bontshe moradi."
"O qala ka ho palamela hodima patsi ena," ho rialo ntate.
"Ha o palama, nkgo ya metsi e tla sekama mme e tshollele metsi matsohong a hao. Hopola hore o lokela ho sebedisa sesepa."
Karabo o ne a thabile mme a re, "Ke ne ke tla tseba tsena tsohle jwang ha ke ne ke sa botse dipotso? Ke nnte hore dipotso di eketsa tsebo."

